Luka 10:21-24

Luka 10:21-24 CZB24

Ka yona nako eo Jesu a ipela moyeng, a re: Ke a o leboha, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, kahobane taba tsena o di patetse ba bohlale le ba kelello, mme o di senoletse masea; gonne go ne go le molemo mo matlhong a gago jalo. Tsohle ke di neilwe ke Ntate; mme ha ho ya tsebang Mora ke mang, haese Ntate; le hore na Ntate ke mang, haese Mora, le eo Mora a ratang ho mo senolela yena. A retelehela ho barutuwa ba hae, a re ho bona boinotshing: “Ho lehlohonolo mahlo a bonang tseo le di bonang! Hobane ke a le bolella: Baporofeta ba bangata le marena ba lakaditse ho bona tseo le di bonang, mme ha ba ka ba di bona; le ho utlwa tseo le di utlwang, mme ha le a ka la di utlwa.

Funda Luka 10

Uhlelo Lwamahhala Lokufunda nokuthandaza okuhlobene ne Luka 10:21-24