Luka 10:1-12

Luka 10:1-12 CZB24

Kamora tseo, Morena a bea ba bang ba mashome a supileng, mme a ba roma ka bobedi, hore ba mo etelle pele metseng yohle le nqalong tsohle moo yena a neng a tla ya teng. Yaba o re ho bona: Kotulo e kgolo ruri, empa basebetsi ha ba bakae; Eyang tseleng ya lona: bonang, ke le roma jwaloka dikonyana hara diphiri. Le se ke la nka mokotlana wa ditjhelete, leha e le mokotla, kapa dieta, mme le se ke la dumedisa motho tseleng. Ntlo efe le efe eo le kenang ho yona, le qale ka ho re: Kgotso e be tlung ena! Mme ha mora wa kgotso a le teng, kgotso ya lona e tla dula hodima hae; ha ho se jwalo, e tla boela ho lona. Le dule ka tlung yona eo, le ntse le ja, le ntse le nwa dintho tseo ba fanang ka tsona; hobane ya sebetsang o lokelwa ke moputso wa hae. Le se ke la ya ka ntlo le ntlo. Motseng ofe le ofe oo le kenang ho wona, mme ba le amohela, le je seo le se beang. Le fodise ba kulang ba teng, le re ho bona: Mmuso wa Modimo o atametse ho lona. Empa leha le kena motseng ofe kapa ofe, mme ba sa le amohele, le tswele diterateng tsa wona, le re: Le lona lerole la motse wa lona le kgomaretseng rona re le hlohlorela hodima lona; Empa ke re ho lona: Ho tla ba bonolo ho Sodoma ka tsatsi leo, ho feta motse oo.

Funda Luka 10

Uhlelo Lwamahhala Lokufunda nokuthandaza okuhlobene ne Luka 10:1-12