YouVersion Logo
Search Icon

BAAHLODI 21

21
1Banna ba Iseraele ba ne ba hlapantse Mitspe, ba re: Ha ho e mong wa rona ya tla neela Babenjamine moradi wa hae nyalong. 2Setjhaba sa ya Bethele; ba dula teng pela Modimo, ha ba ha eba mantsiboya, ba lla, ba bokolla ka pokollo e kgolo haholo. 3Ba re: Oho Jehova, Modimo wa Iseraele, taba eo e hlahile jwang, ha kajeno leloko le leng le hlokahetse Iseraeleng? 4Ka hosasane, setjhaba sa tsoha e sa le ka meso; ba haha aletare teng, ba hlaba ditjheso le mahlabelo a teboho. 5Yaba bana ba Iseraele ba re: Ke bafe, melokong yohle ya Iseraele, ba sa kang ba nyolohela ho Jehova phuthehong? Ba rialo kahobane ba ne ba hlapantse ka hlapanyo e kgolo bakeng sa ba ka hanang ho nyolohela ho Jehova, Mitspe, ba re: Ruri ba tla bolawa. 6Hape, bana ba Iseraele ba swabela Babenjamine, banababo bona, ka ho re: Kajeno, leloko le leng le kgaotswe Iseraeleng. 7Re tla ba etsetsa jwang hore re nee ba setseng basadi, haele moo re hlapantse ka Jehova, ra re, re ke ke ra ba neela baradi ba rona e be basadi ba bona? 8Ke ha ba tla re: Ana ke bafe ba meloko ya Iseraele ba sa kang ba nyolohela ho Jehova, Mitspe, na? Yaba ba fihlela hobane ho se le a mong wa Jabeshe-Gileade ya nyolohetseng diahelong le phuthehong. 9Hobane setjhaba ha se balwa, ha fihlelwa hobane teng ho ne ho se le a mong wa ba ahileng Jabeshe-Gileade. 10Ha ho le jwalo, phutheho ya romela teng banna ba bahale ba dikete tse leshome le metso e mmedi, ba ba laela, ba re: Eyang, le bolaye ba ahileng Jabeshe-Gileade ka bohale ba lerumo, hammoho le bona basadi le bana ba banyenyane. 11Hape, le etse hona: Ba batona bohle le ba batshehadi bohle ba tsebileng malao a monna, le ba bolaye. 12Ba ya, mme hara ba ahileng Jabeshe-Gileade ba fumana barwetsana ba makgolo a mane, ba esong ho tsebe monna ka ho robala le yena, mme ba ba tlisa diahelong, Silo, naheng ya Kanana. 13Yaba phutheho yohle ya romela ho kopanya puo le bana ba Benjamine ba dutseng lefikeng la Rimmone, ha hoeletswa ho bona hore kgotso e teng. 14Ka tsatsi leo, Babenjamine ba kgutla, mme ba newa basadi ba pholositsweng ba Jabeshe-Gileade; ba mpa ba sa ka ba ba lekana.
15Setjhaba sa nna sa swabela Babenjamine, kahobane Jehova a entse sekgeo melokong ya Iseraele. 16Yaba baholo ba phutheho, ba re: Re tla etsang ka ba setseng hore ba be le basadi, haele moo basadi ba Benjamine ba fedisitswe? 17Ba re: Babenjamine ba pholohileng e ka kgona ba boele ba rue lefa la bona, hore leloko le leng le se ke la hlakolwa Iseraeleng. 18Haele rona, re ke ke ra ba neela baradi ba rona nyalong, kahobane bana ba Iseraele ba hlapantse ka ho re: Ho rohakwe ya tla nea Babenjamine mosadi. 19Ba re: Bonang, mokete wa Jehova o teng Silo ka selemo se seng le se seng, ka nqa leboya ho Bethele, le ka nqa botjhabatsatsi ho tsela e tlohang Bethele ho ya nyolosetsa Sikeme, le ka nqa leboya ho Lebona. 20Ba laela bana ba Benjamine, ba re: Eyang le lalle masimong a merara. 21Le tadime, mme ha le bona barwetsana ba Silo ba etswa hae ho etsa mehobelo, le tswe masimong a merara; e mong le e mong a ikgapele mosadi hara barwetsana ba Silo, mme le ye le bona naheng ya Benjamine. 22Etlare ha bontata bona, kapa kgaitsedi tsa bona, ba tla ho le qosa pela rona, re tla re ho bona: Le ba hauhele bakeng sa rona, hobane ha re a ka ra ba hapela bohle basadi ntweng; haele lona, kamoo le sa kang la ba neela baradi ba lona kateng, ha le na molato. 23Bana ba Benjamine ba etsa jwalo, ba ikgapela basadi ka bongata ba bona, hara ba hobelang bao ba ba hapileng; ba ntoo tloha, ba kgutlela lefeng la bona, ba tsosa metse, ba aha teng. 24Le bona bana ba Iseraele ba tloha teng mohlang oo, ba kgutlela e mong le e mong lelokong la hae le tlung ya hae; ba tloha, e mong le e mong a tle a kgutlele lefeng la hae.
25Mohlang oo, ho ne ho se morena Iseraeleng; e mong le e mong o ne a etsa kamoo a ratang kateng.

Currently Selected:

BAAHLODI 21: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy