YouVersion Logo
Search Icon

BAAHLODI 20

20
1Yaba bana ba Iseraele bohle ba tswa, ho tloha Dane le ho isa Beerseba, le naheng ya Gileade, mme Baiseraele ba phuthehela Mitspe pela Jehova, jwaloka hoja ke motho a le mong. 2Baholo ba setjhaba kaofela, e leng ba meloko yohle ya Iseraele, ba itlhahisa phuthehong ya setjhaba sa Modimo, ya eba batho ba kete tse makgolo a mane a ba maoto, ba pshemolang sabole. 3Mme bana ba Benjamine ba utlwa ho thwe, bana ba Iseraele ba nyolohetse Mitspe.
Yaba bana ba Iseraele, ba re: Re bolelleng kamoo bobe bo hlahileng kateng. 4Yaba Molevi, monna wa mosadi ya bolailweng, o araba, a re: Re ne re kene Gibea wa Benjamine, re ena le serethe sa ka, ho robala teng bosiu. 5Empa beng ba Gibea ba ntsohela matla, ba teela ntlo hare bosiu, ba re, ba tla mpolaya; ba ile ba beta serethe sa ka, sa ba sa eshwa. 6Ka ba ka tshwara serethe sa ka, ka se poma dikoto, ka romela dikoto tsa sona naheng yohle ya lefa la Iseraele, ka ho re, ba Gibea ba entse molato le manyala Iseraeleng. 7Bonang, le mona kaofela, lona bana ba Iseraele; rerang hammoho, le eletsane.
8Yaba setjhaba kaofela se ema jwaloka hoja ke motho a le mong, sa re: Ha ho e mong wa rona ya tla kgutlela hae tenteng ya hae, leha e le ho ipoella hae tlung ya hae. 9Empa jwale, ke sona seo re tla se etsa ho ba Gibea; re tla ba futuhela, kamoo re ka laolwang kateng. 10Ho ke ho kgethwe, melokong yohle ya Iseraele, banna ba leshome hara ba lekgolo, le ba lekgolo hara ba sekete, le ba sekete hara ba dikete tse leshome, ba tle ba latele setjhaba mofaho, mme re ye Gibea wa Benjamine, mme re ba etse ka manyala wohle a entsweng ke bona Iseraeleng. 11Kahoo, banna ba Iseraele kaofela ba bokanela motse oo, ba kopana jwaloka hoja ke motho a le mong.
12Yaba ba meloko ya Iseraele ba romela banna ho leloko lohle la Benjamine, ba re: Bobe bo entsweng hara lona ke bo jwang? 13Jwale, re neeleng batho bao ba Gibea, bana ba Beliale, re tle re ba bolaye, re hlakole bobe Iseraeleng. Empa Babenjamine ba hana ho utlwa mantswe a banababo bona, bana ba Iseraele.
14Bana ba Benjamine ba tswa metseng ya bona, ba bokana Gibea, ho ya lwana le bana ba Iseraele. 15Tsatsing lona leo, bana ba Benjamine, ba tswileng metseng ya bona, ba balwa, ya eba banna ba dikete tse mashome a mabedi a metso e tsheletseng, ba pshemolang sabole, kantle ho ba ahileng Gibea, bao e neng e le banna ba dinatla ba makgolo a supileng, ha ba balwa. 16Hara banna bao ba bakalo, ho ne ho na le banna ba makgolo a supileng ba dinatla ba maqele; bao kaofela ba ne ba betsa majwe ka letjeketjane, ba sa fose le ntho e botenya ba moriri.
17Kantle ho Benjamine, banna ba Iseraele ha ba balwa, ya eba banna ba kete tse makgolo a mane, ba pshemolang sabole, banna ba ntwa kaofela ha bona. 18Bana ba Iseraele ba tloha, ba nyolohela Bethele, ba botsa Modimo, ba re: Ke mang ho rona ya tla etella ba bang pele ho futuhela bana ba Benjamine? Jehova a re: Ho etelle Juda pele.
19Ha ho le jwalo, bana ba Iseraele ba tsoha e sa le hosasa, ba ya emisa pela Gibea. 20Banna ba Iseraele ba tswa ho ya lwantsha Babenjamine, mme banna ba Iseraele ba hlopholla ntwa pela Gibea. 21Jwale, bana ba Benjamine ba tswa Gibea, mme tsatsing leo ba bolaela fatshe Baiseraele ba kete tse mashome a mabedi a metso e mmedi. 22Leha ho le jwalo, setjhaba, e leng banna ba Iseraele, sa beta pelo, mme sa boela sa hlopholla ntwa moo se neng se e hlopholotse pele. 23Bana ba Iseraele ba nyoloha, ba lla pela Jehova, ha ba ha eba mantsiboya, mme ba boela ba botsa Jehova, ba re: Ana re tla boela re lwantshe bana ba Benjamine, banababo rona, na? Jehova a re: Nyolohang ho ya ba lwantsha. 24Yaba bana ba Iseraele ba atamela bana ba Benjamine la bobedi. 25Babenjamine ba tswa Gibea ho ya ba kgahlanyetsa, e le la bobedi, mme ba bolaela fatshe ho bana ba Iseraele banna ba kete tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi, e leng ba pshemolang sabole kaofela ha bona.
26Yaba bana bohle ba Iseraele le setjhaba sohle ba nyoloha, ba ya Bethele, ba lla ba ntse ba eme hona teng pela Jehova; ba itima dijo ka tsatsi leo, ha ba ha eba mantsiboya, mme ba hlaba ditjheso le mahlabelo a teboho pela Jehova. 27Bana ba Iseraele ba ntoo botsa Jehova (hobane areka ya selekane sa Modimo e ne e le teng ho bona mohlang oo; 28Finease, mora Eleasare, mora Aarone, o ne a eme pela Modimo mohlang oo), ba re: Na re tla boela re tswe ho ya lwantsha bana ba Benjamine, banababo rona, kapa a re tla lesa na? Jehova a re: Nyolohang, hobane hosasane, ke tla ba neela matsohong a lona.
29Yaba Baiseraele ba bea banna ba laletseng ka nqa tsohle ho Gibea. 30Bana ba Iseraele ba nyoloha la boraro ho lwantsha bana ba Benjamine, mme ba hlopholla ntwa pela Gibea, jwaloka pele. 31Bana ba Benjamine ba tswa ho kgahlanyetsa setjhaba, mme ba hulelwa hole le motse; hona teng, ba hla ba bolaya ba bang ba setjhaba, jwaloka pele, tseleng e nyolosetsang Bethele le tsela e yang Gibea, e le hara naha, mme ha eshwa Baiseraele ba batlileng ho etsa mashome a mararo. 32Yaba bana ba Benjamine ba re: Ba qhalwa pela rona jwaloka pele. Athe bana ba Iseraele, bona, ba ne ba re: A re baleheng, re tle re ba hulele ditseleng hole le motse. 33Yaba banna ba Iseraele bohle ba ema moo ba leng teng, ba hlopholla ntwa Baale-Thamare; le Baiseraele ba laletseng ba phakisa ba tswa moo ba leng teng, thoteng ya Gibea. 34Ke ha banna ba dikete tse leshome ba kgethilweng hara Baiseraele bohle ba hlaha pela Gibea, mme ntwa ya lwana hathata, Babenjamine ba mpa ba sa tsebe kotsi e ya ba hlahela. 35Jehova a qhala Benjamine pela Iseraele, mme ka lona tsatsi leo, banna ba Iseraele ba timetsa banna ba Benjamine ba kete tse mashome a mabedi a metso e mehlano tse nang le lekgolo le le leng, e leng ba pshemolang sabole kaofela ha bona.
36Bana ba Benjamine ba ne ba bone eka bana ba Iseraele ba hlotswe; hobane ba ne ba suthile pela Babenjamine, athe ba ne ba tshepile ba laletseng ba beilweng ho patela Gibea.
37Ba laletseng ba ne ba phakisitse, ba neheletse Gibea. Ba laletseng ba tswela pele, ba bolaya bohle ba motse ka bohale ba lerumo. 38Pontsho eo Baiseraele ba neng ba dumellane hodima yona le ba laletseng, ho ne ho itswe o tla etswa mosi o moholo, o nyolohe motseng. 39Banna ba Iseraele ba reteleha ntweng, mme Babenjamine ba qala ho hlaba le ho bolaya banna ba bang ba Iseraele, ya batla e eba banna ba mashome a mararo; ba ba ba re: Efela ba boetse ba qhadilwe pela rona jwaloka mohla ntwa ya pele. 40Empa mosi ha o qala ho nyoloha motseng ka topallo, Babenjamine ba reteleha, ba bona mosi wa motse kaofela o nyolohela lehodimong. 41Jwale, banna ba Iseraele ba reteleha, mme banna ba Benjamine ba tsieleha, ha ba bona hobane kotsi e ba hlahetse. 42Ba baleha pela Iseraele ka tsela e yang feelleng; empa ntwa ya ba pateletsa, mme ba metse ya teng ba bolawa. 43Ka mokgwa o jwalo, ba teela Babenjamine hare, ba ba phallisa, ba ba hatakela moo ba reng ba phomola teng, ho fihlela ka nqane ho Gibea, nqa botjhabatsatsi. 44Babenjamine ba bolailweng ya eba dikete tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi, e leng bahale kaofela ha bona. 45Ba setseng ba reteleha, mme ba balehela feelleng ho ya fihla lefikeng la Rimmone; ha mpa ha thonakwa ditseleng kete tse hlano tsa bona. Banna ba Iseraele ba ba lelekisa ho ya fihla Gidome, ba boela ba bolaya kete tse pedi tsa bona. 46Bohle banna ba Benjamine ba bolailweng tsatsing leo ya eba banna ba kete tse mashome a mabedi a metso e mehlano, ba pshemolang sabole, banna ba bahale kaofela ha bona.
47Empa banna ba makgolo a tsheletseng ba kgeloha, ba balehela feelleng, lefikeng la Rimmone, mme ba dula lefikeng la Rimmone kgwedi tse nne. 48Banna ba Iseraele ba kgutlela ho bana ba Benjamine ba setseng, ba ba bolaya ka bohale ba lerumo, ho qala ka banna ba motse ho isa dikgomong, le nthong tsohle tse teng; ba tjhesa le metse ya teng kaofela.

Currently Selected:

BAAHLODI 20: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy