YouVersion Logo
Search Icon

RUTHE 1

1
Ruthe o kgomarela matsalae. — O ya thonaka tshimong ya Boase. — O nyalwa ke Boase. — Lesika la Davida.
1Tshiung tseo ho neng ho busa baahlodi, tlala ya wela lefatshe la Iseraele. Yaba monna e mong wa Bethlehema-Juda o tloha, a ya jaka naheng ya Moabe, a ena le mosadi wa hae le bara ba hae ba babedi. 2Lebitso la monna eo e ne e le Elimeleke, bitso la mosadi wa hae e le Naomi; mabitso a bara ba hae ba babedi e ne e le Mahalone le Kilione; e ne e le ba Efrata ba Bethlehema-Juda. Ba fihla naheng ya Moabe, ba ahella teng.
3Yaba Elimeleke, monna wa Naomi, o a shwa, ha sala mosadi le bara ba hae ba babedi. 4Bao ba nyala basadi ba Moabe, lebitso la e mong e le Orpa, lebitso la wa bobedi e le Ruthe. Ba dula teng ya batla ho ba dilemo tse leshome. 5Le bona Mahalone le Kilione ba eshwa ba babedi, ha sala mosadi eo ya shwetsweng ke bara ba hae ba babedi le monna wa hae.
6 Naomi a tloha a ena le dingwetsi tsa hae, a tle a kgutle naheng ya Moabe; hobane o ne a utlwile naheng ya Moabe hobane Jehova o etetse setjhaba sa hae, o bile o se file dijo. 7A tloha moo a neng a le teng, a ena le dingwetsi tsa hae tse pedi, mme ba ikela ka tsela e boelang naheng ya Juda.
8Ebile Naomi o re ho dingwetsi tsa hae tse pedi: Kgutlang, le ipoelle e mong le e mong tlung ya mmae; Jehova a le etse ka mohau, kamoo le etseditseng nna kateng, le ba shweleng. 9Jehova a nee e mong le e mong wa lona kgatholoho tlung ya monna wa hae. Ebile o a ba aka, mme ba phahamisa mantswe a bona, ba lla. 10Ba re ho yena: Tjhe, re tla mpe re ye le wena tjhabeng sa heno. 11Naomi a re: Kgutlang, baradi ba ka; ke ha le elang le nna? Hleka le re, ke sa na le bana popelong ya ka, e tle e be banna ba lona na? 12Kgutlang, baradi ba ka, le ikele, etswe ke se ke tsofetse; ke se nka sitwa ho bona monna e mong. Leha nka le tshepisa ka ho re, nka bona monna le ka bona bosiu bona, ke be ke tswale bana, 13na le ne le tla hle le ba lebelle, ba be ba hole na? Na le ne le tla hana banna ka baka la bona na? Tjhe, baradi ba ka, ke mpa ke swabile haholo bakeng sa lona, kahobane letsoho la Jehova le nkokobeditse. 14Ba boela ba phahamisa mantswe a bona, ba lla. Yaba Orpa o aka matsalae, Ruthe a mpa a mo kgomarela.
15 Naomi a be a re: Bona, ngwaneno o kgutletse tjhabeng sa habo le ho medimo ya habo; sala ngwaneno morao. 16Ruthe a re: O se ke wa mphehella hore ke o siye, ke tlohele ho ya le wena; hobane ke tla ya moo o yang, ke dule moo o dulang; tjhaba sa hao ke tjhaba sa ka, mme Modimo wa hao ke Modimo wa ka. 17Ke tla shwa moo o shwang, ke epelwe teng. Jehova a nketse ka hore le ka hore, ha nka kgaohana le wena, haese ka lefu. 18Naomi, ha a bona hobane o pheheletse ho tsamaya le yena, a lesa ho bua le yena.
19Ba ntoo tsamaya ba babedi, ba ba ba fihla Bethlehema. Eitse ha ba kena Bethlehema, motse kaofela wa dumaduma ka baka la bona, ha thwe: Na enwa hase Naomi na? 20Yena a re ho bona: Se mpitseng Naomi (ya kgahlisang); le mpe le mpitse Mara (ho baba), etswe Ya matla wohle a nkentse ka mokgwa o babang haholo. 21Ke ile ke tletse, mme Jehova o nkugtlisitse ke le feela; le sa mpiletsang Naomi, athe Jehova o nkotlile, mme Ya matla wohle o ntshwabisitse!
22Ke hona ho kgutla ha Naomi, ba ena le Ruthe wa Moabe, ngwetsi ya hae, ha ba etswa naheng ya Moabe. Ba fihla Bethlehema, batho ha ba qala ho hela harese.

Currently Selected:

RUTHE 1: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy