YouVersion Logo
Search Icon

MIKEA 7

7
1Jo nna! ke jwaloka serapa, ha ho kotutswe ditholwana tsa sona, jwaloka tshimo ya merara e kgwahlapiswang, ha e kotutswe: ha ho sa le lesihla la morara le ka jewang, leha e le selopotsiya sa feiye se lakatswang ke moya wa ka! 2Motho ya bokgabane o timetse lefatsheng, ha ho sa le ya lokileng hara batho. Bohle ba lalla hore ba tsholle madi, e mong le e mong o tsoma ngwanabo ka leraba. 3Ba kena ka matsoho a mabedi bobeng, hore ba bo phethe: morena o a qela, moahlodi o ahlolela moputso, e moholo yena o bolela takatso e mpe ya moya wa hae; hammoho ba sothanya ditaba. 4Ya fetang ba bang ka molemo o jwaloka tshehlo, le ya ba fetang ka ho loka o hlaba le ho fetisa lekgwakgwa la meutlwa. Letsatsi le boletsweng ke dibohodi tsa hao, letsatsi la kotlo ya hao le tlile; ke moo ba tla tsieleha. 5Se tshepeng molekane, se ithetseng ka motswalle; lebela menyako ya molomo wa hao pela ya robetseng sefubeng sa hao; 6hobane mora o nyedisa ntatae, moradi o tsohela mmae matla, ngwetsi e lwantsha matsala yona, mme ba ntlo ya motho ke bona bao e leng dira ho yena.
7Empa haele nna, ke tla tadima ho Jehova, ke lebelle Modimo wa poloko ya ka; Modimo wa ka o tla nkutlwa! 8O se ke wa thaba ka kotsi ya ka, wena o leng sera ho nna, hobane leha ke wele, ke tla boela ke eme; leha ke dutse lefifing, Jehova ho nna ke lesedi. 9Ke tla jara kgalefo ya Jehova, hobane ke mo sitetswe, a tle a be a emele nyewe ya ka, a nkahlolele: o tla nntshetsa leseding, mme ke tla boha ho loka ha hae. 10Eo e leng sera ho nna a ke a tadime, a apeswe ke dihlong, yena ya reng ho nna: Jehova, Modimo wa hao, o kae na? Mahlo a ka a tla kgolwa ke kotsi ya hae; jwale, o tla hatakelwa jwaloka seretse sa mmila!
11Letsatsi la ho haha marako a hao le atametse; tsatsing leo, taelo ya ho o senya e tla tloswa. 12Mohlang oo, ho tla tluwa ho wena, ho tswa Assiria ho isa metseng ya Egepeta, le ho tloha Egepeta ho isa nokeng, le ho tloha lewatleng le leng ho isa lewatleng le leng, le ho tloha thabeng e nngwe ho isa thabeng e nngwe. 13Empa lefatshe le tla senyeha ka baka la baahi ba lona, ka baka la tholwana ya metsamao ya bona.
14Disa setjhaba sa hao ka lere la hao, e leng dinku tsa lefa la hao tse ahileng di nnotshi morung o hara Karmele; a di ke di alohele Bashane le Gileade, jwaloka mohla monene! 15Ke tla o bontsha dimakatso jwaloka mohla o tswang lefatsheng la Egepeta. 16Ditjhaba di tla bona, di hlajwe ke dihlong bakeng sa matla wohle a tsona; di tla ipea letsoho hodima molomo, di thibane ditsebe. 17Di tla nyeka lerole jwaloka noha, jwaloka dihahabi tsa lefatshe; di tla tswa diqhobosheaneng tsa tsona, di tshohile, di balehele ho wena, Jehova, Modimo wa rona, ka thothomelo, mme di tla o tshaba. 18Modimo ke ofe o jwaloka wena, o tlosang bokgopo, o tshwarelang dibe tsa masala a lefa la hao? O ke ke wa boloka bohale ba wona ka ho sa yeng kae, hobane haele wona, o kgahlwa ke ho hauhela. 19O tla boela o re rekolohele; o tla hatakela makgopo a rona, o akgele dibe tsa rona kaofela bodibeng ba lewatle. 20O tla nea Jakobo nnete, o nee Abrahama mohau oo o o baletseng bontata rona ka kano, esale mehleng ya tshimoholo.

Currently Selected:

MIKEA 7: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in