YouVersion Logo
Search Icon

NAHUME 1

1
Ninive o porofetelwa kahlolo.
1Tshenolo bakeng sa Ninive. Buka ya pono ya Nahume wa Elkoshe.
2Jehova ke Modimo o boulelang, o phetetsang; Jehova o a phetetsa, o tletse bohale; Jehova o iphetetsa ho ba mo lwantshang, bohale ba hae o bo bolokela bao e leng dira ho yena. 3Jehova o pelo e telele, o moholo ka matla, ha a latolele motho molato wa hae. Jehova! ... tsela ya hae e hara sefefo le sekgohola, maru ke lerole la maoto a hae. 4O kgalemela lewatle, le be le monyele; o pshesa dinoka kaofela. Ho ponne Bashane le Karmele, le palesa ya Lebanone e ponne. 5Dithaba di sisinyeha pela hae, maralla a qhibidiha; pela hae lefatshe le a kokomoha, lefatshe la batho, le tsohle tse ho lona. 6Kgalefo ya hae e ka emelwa ke mang, mme ke mang ya ka tiyang ho tukeng ha bohale ba hae? Bohale ba hae bo tsoloha jwaloka mollo, mafika a heletswa ke yena. 7Jehova o molemo; ke setshabelo tshiung ya tlokotsi, o tseba ba mo tshepileng. 8Ka sekgohola se kgofolang o tla timeletsa nqalo eo ruri, mme bao e leng dira ho yena o tla ba tebella lefifing.
9Mehopolo ya lona ke efe bakeng sa Jehova? O tla timeletsa ruri; tlokotsi e ke ke ya hlaha habedi. 10Hobane, leha ba rarellane jwaloka meutlwa, mme ba tahilwe ke seno sa bona, ba tla tjheswa kaofela jwaloka mooko o omileng. 11Ho wena ho tswile ya rerang bobe hodima Jehova, ya eletsang bolotsana.
12Jehova o itse: Leha ba bolokehile, ba ntse ba le bangata, le teng ba tla helwa, ba fete, mme wena Juda, eo ke o kokobeditseng, ha ke sa tla o kokobetsa. 13Jwale, ke tla roba joko ya hae e hodima hao, ke kgaole le ditlamo tsa hao. 14Haele wena, Ninive, Jehova o laetse, a re: Lebitso la hao ha le sa tla itswala. Tlung ya medimo ya hao ke tla tlosa setshwantsho se betlilweng le se tsholotsweng, mme ke tla o lokisetsa lebitla, hobane o lefeela.
15Bonang dithabeng maoto a ba bolelang ditaba tse molemo, ba tumisang tsa kgotso! Wena Juda, etsa mekete ya hao, o lefe dikano tsa hao, hobane ya bolotsana ha a sa tla hlola a feta ha hao; o timeditswe ruri.

Currently Selected:

NAHUME 1: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in