YouVersion Logo
Search Icon

MIKEA 6

6
Jehova o isana nyeweng le setjhaba sa hae. — Mohau wa Jehova.
1Utlwang he seo Jehova a se bolelang: Ema, o tseke pontsheng ya dithaba, maralla le wona a utlwe lentswe la hao! 2Lona dithaba, utlwang nyewe ya Jehova, le utlwe le lona metheo e tiileng ya lefatshe; hobane nyewe e teng pakeng tsa Jehova le setjhaba sa hae, mme o tseka le Iseraele; o re: 3Setjhaba sa ka, ke entseng ho wena? Ke o tubile kang? Nkarabele hle! 4Ke o ntshitse lefatsheng la Egepeta, ke o lopolotse tlung ya bohlanka, ka ba ka o etella pele ka Moshe le Aarone le Miriame. 5Setjhaba sa ka, hopola hle seo Balake, morena wa Moabe, a neng a se rerile, le seo Balaame, mora Beore, a mo arabetseng sona, le tse hlahileng ho tloha Sittime ho ya fihla Gilgale, o tle o tsebe ketso tse lokileng tsa Jehova.
6Ke tla kgahlanyetsa Jehova kang, ke iname pela Modimo o phahameng? Na ke tla mo kgahlanyetsa ka ditjheso le ka manamane a selemo se le seng? 7Na Jehova o tla kgahlwa ke pheleu tse dikete, ke mashome a dikete a dinoka tsa ole? A ke tla ntsha mora wa ka wa letsibolo bakeng sa bokgopo ba ka, ke ntshe ya tswileng maleng a ka bakeng sa sebe sa moya wa ka na? 8Wena motho, o tsebisitswe se leng molemo, le seo Jehova a se batlang ho wena, ke hore o etse se lokileng, o rate bokgabane, le ho tsamaya ka boikokobetso le Modimo wa hao.
9Lentswe la Jehova le howeletsa motse. Ya bohlale o tla hlokomela lebitso la hao, ha o re: Elang thupa hloko le ya e laelang. 10Na matlotlo a bokgopo a sa le teng tlung ya ya sa lokang, le tekanyo e fokotsehileng, e rohakilweng na? 11Na nka ba ya hlwekileng, ha ke lekanya ka sekala se kgopo, ke ena le majwe a thetso ka mokotleng? 12Barui ba motse ona ba tletse bolotsana, baahi ba wona ba bolela leshano, leleme la bona ke bohata molomong wa bona. 13Haele nna, ke se ke ya o otla habohloko, ke o senye ka baka la dibe tsa hao. 14Wena, o tla ja, empa o ke ke wa kgora, mme tlala e tla dula maleng a hao; o tla re o a balehisa, empa o ke ke wa pholosa, mme seo o ka se pholosang ke tla se neela lerumo! 15O tla jala, empa o ke ke wa kotula; o tla nepola ditholwana tsa mohlwaare, empa o ke ke wa tlola ole, o tla hlotlha metsi a morara, empa o ke ke wa nwa veine ... 16Ho ntse ho bolokwa ditaelo tsa Omri le metsamao yohle ya ntlo ya Akabe! le ya ka merero ya bona, hore ke o etse tshenyeho, ke etse le baahi ba Jerusalema sesomo! mme le tla jara sekgobo sa setjhaba sa ka.

Currently Selected:

MIKEA 6: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in