YouVersion Logo
Search Icon

ESTHERE 6

6
Mordekai o a tlotliswa. — Hamane o a kokobetswa.
1Bosiung bona boo, morena a hlobaela boroko; yaba o re, ho tliswe buka ya dikgopotso, ya ditaba tsa mmuso, ya ba ya balwa pela morena. 2Ha fumanwa ho ngodilwe kamoo Mordekai a neng a hlahisitse ditaba tsa Bigthane le Thereshe kateng, matona a mabedi a morena a balebedi ba monyako, tsa kamoo ba batlileng ho isa letsoho ho morena Assueruse kateng. 3Morena a re: Hlompho le kganya ke dife tseo Mordekai a di etseditsweng bakeng seo? Bahlanka ba sebeletsang morena, ba re: Ha a ka a etsetswa letho. 4Morena a re: Ya lebaleng ke mang? Kanthe Hamane o fihlile lebaleng le kahare ho ntlo ya morena, a tlile ho kopa ho morena hore ho fanyehwe Mordekai sefateng seo a mo lokiseditseng sona. 5Bahlanka ba morena ba re ho yena: Hamane ke enwa, o eme lebaleng. Morena a re: A ke a kene.
6Yaba Hamane o a kena, mme morena a re ho yena: E ka kgona monna eo morena a ratang ho mo hlonepha a etsetsweng? Pelong ya hae Hamane a re: Morena a ka rata ho hlonepha mang, haese nna? 7Yaba Hamane o re ho morena: Haele motho eo morena a ratang ho mo hlonepha, 8ho ke ho tliswe seaparo sa borena se aparwang ke morena, le pere e palangwang ke morena, le moqhaka wa borena o rwalwang hloohong ya hae; 9seaparo le pere di bewe matsohong a kgosana e nngwe ya morena ya tse kgolo; ho apeswe motho eo morena a ratang ho mo hlonepha; jwale, a tsamaiswe ka pere mapatlelong a motse, mme ho howeletswe kapele ho yena, ho thwe: Ho etswa jwalo motho eo morena a ratang ho mo hlonepha! 10Yaba morena o re ho Hamane: Phakisa o nke seaparo le pere, jwalokaha o sa tswa bolela, mme o etse jwalo ho Mordekai, Mojuda ya dutseng pela monyako wa morena; o se ke wa lesa taba leha e le nngwe ya tsohle tseo o di boletseng. 11Yaba Hamane o nka seaparo le pere, a ya apesa Mordekai, mme a mo tsamaisa ka pere mapatlelong a motse, a ntse a howeletsa kapele ho yena, a re: Ho etswa jwalo motho eo morena a ratang ho mo hlonepha!
12Mordekai a ntoo kgutlela pela monyako wa morena, Hamane yena a phakisa a ikela ha hae, a le maswabing, a ikgurumeditse hlooho. 13Hamane a phetela Sereshe, mosadi wa hae, le metswalle yohle ya hae, tsohle tse mo hlahetseng. Ba bohlale ba hae, le mosadi wa hae Sereshe, ba re ho yena: Erekaha Mordekai eno eo o qadileng ho wa pela hae e le wa mofuta wa Bajuda, o ke ke wa mo fenya, empa ruri o tla wa pela hae. 14Ba re ba sa bua, ke ha matona a morena a fihla, a phakisa a isa Hamane dijong tse entsweng ke Esthere.

Currently Selected:

ESTHERE 6: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy