YouVersion Logo
Search Icon

ESTHERE 5

5
Esthere o ya tsebisa morena. — Hamane o leka ho timetsa Mordekai.
1Ka tsatsi la boraro, Esthere a apara seaparo sa hae sa bofumahadi, mme a itlhahisa lebaleng le kahare ho ntlo ya morena, kapele ho ntlo ya morena; morena o ne a dutse teroneng ya mmuso wa hae tlung ya borena, maloka le monyako wa ntlo. 2Eitse ha morena a bona mofumahadi Esthere a eme lebaleng, a fumana mohau mahlong a hae, mme morena a nanabelletsa Esthere lere la kgauta le letsohong la hae; yaba Esthere o atamela, a ama ntlha ya lere. 3Morena a re ho yena: Oho, mofumahadi Esthere, o na le taba efe; o kopa eng? Leha o ka kopa karolo ya bobedi ya mmuso, o tla e newa. 4Esthere a re: Ha morena a dumela, morena a ke a tle kajeno le Hamane dijong tseo ke mo lokiseditseng tsona. 5Morena a re: Phakisang le late Hamane, a tle a etse se boletsweng ke Esthere.
Morena a tla jwalo le Hamane dijong tseo Esthere a di lokisitseng. 6Eitse ha ho nowa veine, morena a re ho Esthere: O kopa eng? O tla e newa. O qosa eng? Le hoja e ka ba karolo ya bobedi ya mmuso, ho tla etswa jwalo. 7Esthere a araba, a re: Kopo ya ka le qoso ya ka, ke re: 8Ha ekaba ke fumane mohau mahlong a morena, ha morena a ka dumela ho nnea ka kopo ya ka le ho etsa ka qoso ya ka, ke re, morena a boele a tle le Hamane dijong tseo ke tla ba lokisetsa tsona, mme hosasane ke tla etsa ka polelo ya morena.
9Tsatsing lona leo, Hamane a tswa a thabile, pelo ya hae e iketlile; empa eitse ha Hamane a bona Mordekai a le pela monyako wa morena, a eme, a sa mo suthele, a halefela Mordekai. 10Empa Hamane a itshwara; mme eitse ha a fihla ha hae a romela ho bitsa metswalle ya hae le Sereshe, mosadi wa hae. 11Hamane a ba bolella letlotlo la maruo a hae, le bongata ba bana ba hae, le tsohle tseo morena a mo phahamisitseng ka tsona, le kamoo a mo hodisitseng kateng, ho mmea e moholo wa mahosana le wa bahlanka ba morena. 12Hamane a eketsa, a re: Hape, mofumahadi Esthere ha a ka a mema motho kantle ho morena ho tla dijong tseo a di entseng, haese nna; le hosasane hape, ke sa memilwe ho ya ha hae hammoho le morena. 13Empa tseo tsohle di bosula ho nna, ha ke sa ntse ke bona Mordekai, Mojuda eno, a dutse pela monyako wa morena. 14Sereshe, mosadi wa hae, le metswalle ya hae, ba re ho yena: Ho ke ho emiswe sefate se bolelele ba ditswe tse mashome a mahlano, mme hosasane, o kope ho morena hore Mordekai a fanyehwe ho sona; jwale wena, o tla ya dijong le morena o thabile. Taba eo ya kgahla Hamane, mme a laela hore ho emiswe sefate.

Currently Selected:

ESTHERE 5: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy