YouVersion Logo
Search Icon

ESTHERE 7

7
Hamane o qoswa ke Esthere, mme o a bolawa.
1Morena a fela a ya le Hamane dijong tsa mofumahadi Esthere. 2Teng, morena a pheta a re ho Esthere, e le ka tsatsi la bobedi, ha ho nowa veine: O kopa eng, mofumahadi Esthere? O tla e newa. O qosa eng? Le hoja e ka ba karolo ya bobedi ya mmuso, ho tla etswa jwalo. 3Mofumahadi Esthere a araba, a re: Ha ekaba ke fumane mohau mahlong a hao, morena, ha morena a ka dumela, a nke ke fuwe bophelo ba ka ka kopo ya ka le bophelo ba setjhaba sa heso ka qoso ya ka; 4hobane ho rekisitswe ka nna le ka setjhaba sa heso hore re fediswe, re bolawe, re timeletswe. Hojane ebeba ho rekisitswe ka rona, hore re tle re etswe makgoba a banna le a basadi, nkabe ke kgutsitse; empa motshwenyi a ka sitwa ho lefa seo morena a tla senyehelwa ke sona.
5Yaba morena Assueruse o araba, a re ho mofumahadi Esthere: Ya betileng pelo ho etsa jwalo, ke mang? o kae? 6Esthere a re: Motshwenyi le sera ke Hamane, motho e mobe enwa! Jwale Hamane a tshoha haholo pela morena le mofumahadi. 7Yaba morena, kgalefong ya hae, o tloha dijong, a ikela tshimong ya ntlo ya borena; Hamane yena a mpa a ema moo, a tle a rapelle bophelo ba hae ho mofumahadi Esthere hobane o ne a bontshisitse hoba lefu la hae le se le rerilwe ke morena.
8Morena a kgutla tshimong ya ntlo ya borena, a boela tlung moo ho neng ho nowa veine. Athe Hamane o ne a itihetse malaong ao Esthere a sekameng ho wona. Morena a re: Na ke ho re, o ya tsohela mofumahadi matla hona pela ka, tlung ya ka na?
Taba eo yare e sa tswa molomong wa morena, ha kgurumetswa sefahleho sa Hamane. 9Tona e nngwe, Karbona, ya re ho morena: Bona, sefate se bolelele ba ditswe tse mashome a mahlano, seo Hamane a se emiseditseng Mordekai, ya buileng hantle bakeng sa morena, se hlomilwe tlung ya Hamane. Morena a re: Mo fanyeheng ho sona. 10Yaba ba fanyeha Hamane sefateng se neng se lokiseditswe Mordekai, mme kgalefo ya morena ya kokobela.

Currently Selected:

ESTHERE 7: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy