YouVersion Logo
Search Icon

DIKETSO 8

8
1Haele Saule, o na be a dumetse polao ya Setefane.
Hloriso Jerusalema. — Qhalano ya barutuwa naheng tse kamathoko. — Mohlanka Filipi o ya ruta Samaria. — Simone senohe. — Petrose le Johanne ba ya Samaria.
Mehleng eo, kereke ya hlahelwa ke hloriso e kgolo; ba qhalanyetswa bohle mafatsheng a Judea le a Samaria, ha sala baapostola ba nnotshi. 2Mme banna ba bang ba barapedi ba epela Setefane, mme ba mo llela haholoholo. 3Empa Saule o ne a ntse a hlorisa kereke, a kena ka matlung, a hulela banna le basadi kantle, a ba kenya teronkong.
4Ba neng ba qhalantswe ba ne ba tsamaya ba ntse ba bolela lentswe.
5Haele Filipi, a theohela motseng o mong wa Samaria, a bolela Kreste teng. 6Bongata ba eba pelo e le nngwe ho mamela tse bolelwang ke Filipi, ha bo utlwa, mme bo bona mehlolo eo a e etsang. 7Hobane meya e ditshila e ne e tloha ho ba bangata ba kenweng ke yona, e howa ka lentswe le leholo; le ba bangata ba neng ba omeletse ditho le diritsa ba fodiswa. 8Mme thabo e kgolo ya eba teng motseng oo.
9Monna ya bitswang Simone o ba a se a le teng, ya etsang bonohe motseng oo; o ne a thetsa setjhaba sa Samaria, ka ho ipolela hore ke motho e moholo. 10Ba ne ba mo mamela kaofela, ho qala ka e monyenyane ho isa ho e moholo, ba re: Enwa ke matla a Modimo, a bitswang a maholo. 11Ba ne ba mo kgomarela jwalo, kahobane, ka nako e teletsana, a ne a ba makaditse ka bonohe ba hae. 12Empa, eitse hobane ba dumele Filipi ya ba bolellang ditaba tsa mmuso wa Modimo le lebitso la Jesu Kreste, banna le basadi ba kolobetswa. 13Le yena Simone a dumela, mme a kolobetswa; o ne a kgomarela Filipi; mme o ne a tsota ha a bona mehlolo le meeka e mengata e etswang.
14Jwale, baapostola ba setseng Jerusalema, yare ha ba utlwa hobane Basamaria ba amohetse lentswe la Modimo, ba roma Petrose le Johanne ho bona. 15Bao, eitse hobane ba fihle, ba ba rapella hore ba newe Moya o Halalelang. 16Hobane o ne o eso ho theohele le ho ya mong ho bona; empa ba ne ba sa kolobeditswe feela ka lebitso la Morena Jesu. 17Yaba ba ba bea matsoho, mme ba newa Moya o Halalelang.
18Yare ha Simone a bona hobane Moya o Halalelang o newa ka peo ya matsoho a baapostola, a ba beela ditjhelete, a re: 19A le ke le mpheng le nna matla ao, hore e mong le e mong eo ke tla mmea matsoho, a newe Moya o Halalelang. 20Empa Petrose a mo araba, a re: Ditjhelete tsa hao a di ke di timele le wena, ha o lekantse hobane neo ya Modimo e rekwa ka ditjhelete. 21Ha o na kabelo leha e le tokelo tabeng ena; hobane pelo ya hao ha e a loka pela Modimo. 22Hlo o bake bolotsaneng bona ba hao, mme o rapele Modimo; ekaba mohlomong o ka tshwarelwa kgopolo eo ya pelo ya hao. 23Hobane ke a bona hoba o tletse nyooko e babang haholo, o fineletswe ke bokgopo. 24Simone a araba, a re: Nthapelleng e le lona ho Morena, hore ke se ke ka welwa ke ntho le e nngwe ya tseo le di boletseng.
25 Baapostola, eitse hobane ba pake lentswe la Morena, ba kgutlela Jerusalema, ba ntse ba bolela Evangeli metsaneng e mengata ya Samaria.
Mohlanka Filipi le letona la Kandase.
26Yaba lengeloi la Morena le bolella Filipi, la re: Tloha, o ye nqa borwa, tseleng e tswang Jerusalema, e yang le Gasa, e leng e sa tsamauweng. 27Yaba o tloha kapele, a ya teng. Mme a bona monna wa Ethiopia, letona le leholo la Kandase, mofumahadi wa Ethiopia, le moalosi wa maruo a hae kaofela, ya neng a tlile Jerusalema ho rapela; 28o ne a kgutlela ha habo, mme o ne a dutse koloing ya hae, a ntse a bala buka ya moporofeta Esaia. 29Yaba Moya o re ho Filipi: Eya, o atamele koloi eo. 30Filipi a matha, mme eitse ha a mo utlwa a bala buka ya moporofeta Esaia, a mmotsa, a re: Na o utlwisisa seo o se balang na? 31Eo a re: Nka utlwisisa jwang ha e mong a sa nkenye tseleng? Mme a rapela Filipi hore a hlwe, a dule le yena.
32Karolo ya lengolo leo a neng a le bala e ne e le yona ena: O huletswe hlabong jwaloka nku, hape o ne a le jwaloka konyana e semumu pela mokuti wa yona, mme ha a ka a ahlamisa molomo wa hae. 33Kahlolo ya hae e phethilwe boikokobetsong ba hae; mme ke mang ya ka bolelang leloko la hae? Hobane bophelo ba hae bo tloswa lefatsheng. 34Letona la botsa Filipi, la re: Ke a o rapela, ke re, na moporofeta o bolela taba eo bakeng sa mang? Na o a ipolela, kapa o bolela e mong na? 35Yaba Filipi o ahlamisa molomo wa hae, a qala ka lengolo leo ho mmolella tsa Jesu.
36Ba re ba sa tsamaya tseleng, ba fihla moo metsi e leng teng; letona la re: Bona, metsi ke ana; ho ka hana eng hore ke se ke ka kolobetswa na? 37Filipi a re: Ha o dumela ka pelo yohle ya hao, ho ka etswa. La araba, la re: Ke a dumela hore Jesu Kreste ke Mora wa Modimo. 38Yare hoba a laele hore koloi e eme, ba theohela metsing hammoho, Filipi le letona, mme Filipi a le kolobetsa. 39Eitse ha ba tloha metsing, Moya wa Morena wa tlosa Filipi, mme letona ha le a ka la hlola le sa mmona; la mpa la tswela pele tseleng ya lona le thabile. 40Haele Filipi, a tshoha a se a le Asote, mme ha a ntse a tsamaya, a bolela Evangeli metseng yohle, a ba a fihla Sesarea.

Currently Selected:

DIKETSO 8: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in