YouVersion Logo
Search Icon

DIKETSO 9

9
Tshokoloho ya Saule.
1Empa Saule o ne a sa ntse a befetswe ho sokela le ho bolaya barutuwa ba Morena; a ya ho moprista e moholo, 2a kopa mangolo ho yena a ngollwang masinagoge a Damaseka, hore etlere ha a ka fumana ba bang ba thuto eo, leha e le banna, kapa basadi, a ba tlame, a ba tlise Jerusalema.
3A re a sa ya, a se a atametse Damaseka, a tshoha lesedi le tswang lehodimong le mo teela hare. 4A wela fatshe, a utlwa lentswe le reng ho yena: Saule, Saule, o ntlhorisetsang na? 5A re: O mang, Morena? Morena a re: Ke nna Jesu, eo o mo hlorisang; ho thata ho wena ho raha ditsenene. 6A re ka tshoho le ka thothomelo: Morena, o rata hore ke etse eng na? Morena a re ho yena: Tsoha, o kene motseng, mme o tla bolellwa teng seo o tshwanetseng ho se etsa. 7Banna bao a neng a tsamaya le bona, ba ne ba eme ba maketse; hobane ba fela ba ne ba utlwile lentswe, ba mpa ba sa bone motho. 8Yaba Saule o tsoha fatshe, mme ha a tadima, a sitwa ho bona motho; ba mpa ba mo tshwara ka letsoho, ba mo isa Damaseka. 9Mme ha feta matsatsi a mararo, a sa bone, a sa je, a sa nwe.
10Morutuwa e mong, ya bitswang Ananiase, o ne a le teng Damaseka: Morena a mmolella ka pono ya mohlolo, a re: Ananiase! Yena a re: Ke nna enwa, Morena! 11Morena a re ho yena: Tloha, o ye seterateng se bitswang se Lokileng; o batle ka tlung ya Juda motho ya bitswang Saule wa Tarese; hobane o ka bona, o a rapela, 12mme o bone, ka pono ya mohlolo, monna ya bitswang Ananiase a kena, a mmea matsoho, hore a boele a bone. 13Empa Ananiase a araba, a re: Morena, ke utlwile ke ba bangata ditaba tsa monna eo, kamoo a entseng bakgethwa ba hao hampe kateng, Jerusalema; 14le mona o tlile a neilwe matla ke baprista ba baholo a ho tlama bohle ba rapelang lebitso la hao. 15Empa Morena a re ho yena: Eya, hobane eo ke lefiso leo ke ikgethetseng lona, ho isa lebitso la ka ho baditjhaba, le ho marena, le ho bana ba Iseraele; 16mme ke tla mmontsha boholo ba bohloko boo e ka kgonang a bo utlwe ka baka la lebitso la ka.
17Yaba Ananiase o ya, a kena ka tlung, a mmea matsoho, a re: Saule, ngwaneso, Morena o nthomile, yena Jesu ya ipontshitseng ho wena tseleng eo o tlileng ka yona, hore o boele o bone, le hore o tlale Moya o Halalelang. 18Mme ntho tse kang makgapetla tsa phakisa tsa wa mahlong a hae; a boela a bona; a ntoo ema, a kolobetswa. 19Yaba o ja dijo, mme matla a boela ho yena.
Saule a dula le barutuwa ba leng Damaseka matsatsi a mang. 20A phakisa a bolela Jesu masinagogeng, a tiisa hore ke Mora wa Modimo. 21Ba mo utlwang kaofela ba ne ba makala, ba re: Na eo hase yena ya neng a hlorisa hampe ba rapelang lebitso leo Jerusalema, a bile a tlile le mona ho ba tlama le ho ba isa ho baprista ba baholo na? 22Haele Saule, a nna a ipha matla a maholo, a hlola Bajuda ba ahileng Damaseka, ka ho ba bontsha hore Jesu ke Kreste.
23Kamora tsiu tse ngatanyana, Bajuda ba rera ho mmolaya; 24empa Saule a tsebiswa morero wa bona. Ba ne ba lebela menyako ya motse, motshehare le bosiu, hore ba tle ba mmolaye; 25empa barutuwa ba mo nka bosiu, ba ema hodima lerako, ba mo lepelletsa fatshe ka seroto.
26Saule eitse ha a fihla Jerusalema, a leka ho kopana le barutuwa; empa ba ne ba mo tshaba kaofela, ba se ke ba dumela hobane e se e le morutuwa. 27Yaba Barnabase o mo nka, a mo isa ho baapostola, a ba phetela kamoo a boneng Morena tseleng kateng, a bileng a buile le yena, le kamoo a boletseng lebitso la Jesu ka matla motseng wa Damaseka kateng. 28Saule a nna a dula le bona Jerusalema, a ntse a kena, a etswa. 29A bua ka lebitso la Morena Jesu a sa tshabe letho, a fetolana le Bajuda ba Bagerike; empa bona ba rata ho mmolaya. 30Yare ha barutuwa ba utlwa hoo, ba mo isa Sesarea, ba ntoo mo romela Tarese.
Petrose o etela Lida le Jopo; o fodisa Enea; o tsosa Tabitha bafung.
31Jwale, dikereke di ne di dutse ka kgotso kahohle Judea, le Galelea, le Samaria; di ne di hahiswa, di tsamaya ka tshabo ya Morena; mme di ne di anafala ka tshediso ya Moya o Halalelang.
32Petrose ha a ntse a etela barutuwa kaofela, a tla le ho bahalaledi ba ahileng Lida. 33A fihlela monna teng, ya bitswang Enea, a sekame diphateng e se e le dilemo tse robileng meno e le mmedi; o ne a omeletse ditho. 34Petrose a re ho yena: Enea, Jesu Kreste o a o fodisa; tsoha, a alole diphate tsa hao. Mme a phakisa a tsoha. 35Bohle ba ahileng Lida le Sarone ba mmona, ba ba ba sokolohela ho Morena.
36 Motseng wa Jopo, mosadi o ne a le teng, e leng morutuwa, ya bitswang Tabitha, ke ho re Dorkase, ha ho fetolwa; o ne a tletse mesebetsi e metle le dithuso tseo a neng a di etsa. 37A tshwarwa ke bohloko mohlang oo, a shwa. Yare hobane ba mo hlatswe, ba mmea phaposing e kahodimo. 38Erekaha Lidda a le haufi le Jopo, yare ha barutuwa ba utlwa hobane Petrose o teng, ba mo romella banna ba babedi, ho mo rapela hore a tle ho bona, a se ke a dieha. 39Yaba Petrose o tloha, a tla le bona. Yare ha a fihla, ba mo isa phaposing e kahodimo; basadi ba bahlolohadi kaofela ba itlhahisa pela hae, ba ntse ba lla, ba mmontsha mese le diaparo tseo Dorkase a neng a ba etsetsa tsona, ha a sa na le bona. 40Petrose a re, ba ke ba tswele ntle kaofela; yaba o kgumama ka mangwele, a rapela, a ntoo retelehela ho setopo, a re: Tabitha, tsoha! Yaba eo o tutubolla mahlo, mme ha a bona Petrose, a dula. 41Petrose a mo tshwara ka letsoho, a mo emisa, mme eitse hobane a bitse bahalaledi le bahlolohadi, a ba nea yena a boetse a phela. 42Hoo ha tsejwa ke ba motse wa Jopo kaofela, mme ha dumelwa ho Morena ke ba bangata. 43Petrose a dula Jopo matsatsi a mangatanyana, a dutse ha monna ya bitswang Simone, mosuhi wa matlalo.

Currently Selected:

DIKETSO 9: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in