YouVersion Logo
Search Icon

DIKETSO 7

7
1Moprista e moholo a re: Na tseo di jwalo na? 2Setefane a re: Banna ba heso le bontate, utlwang! Modimo wa kganya o ne o ipontshe ho ntata rona Abrahama, a sa le Mesopotamia, a eso ho ahe Kgarane, 3wa re ho yena: Tloha naheng ya heno le mofuteng wa heno, mme o ye lefatsheng leo ke tla o supisa lona. 4Yaba o tloha naheng ya Bakalde, mme a ya aha Kgarane. Eitse hobane ntatae a shwe, Modimo wa mo tlosa teng, wa mo tlisa naheng ena le ahileng ho yona jwale. 5Ha o a ka wa mo abela lefa teng, leha e le sebakanyana se ka ka se ka hatwang ka leoto, wa mpa wa mmalla hore o tla mo fa yona, e tle e be leruo la hae le la ditloholwana tsa hae kamora hae, leha a ne a eso ho be le ngwana. 6Modimo wa mmolella hore ditloholo tsa hae di tla jaka lefatsheng lesele, di etswe makgoba, mme di etswe hampe ka dilemo tse makgolo a mane. 7Empa setjhaba se di entseng makgoba, ke tla se ahlola, ho bolela Modimo; kamora tseo di tla tloha teng, mme di tla ntshebeletsa naheng ena. 8Yaba o mo nea selekane sa lebollo. A tswala Isaaka jwalo, a mmolotsa ka letsatsi la boroba meno e le mmedi. Isaaka a tswala Jakobo; Jakobo yena a tswala bapatriareka ba leshome le metso e mmedi.
9Bapatriareka ba honohela Josefa, ba reka ka yena, a iswa Egepeta; empa Modimo wa nna wa eba le yena, 10wa mo lokolla mahlomoleng a hae kaofela; mme wa mo nea bohlale le ho kgahlisa Faro, morena wa Egepeta, eo a ba a mmea mmusisi wa Egepeta le wa ntlo ya hae yohle.
11Ha wa tlala lefatsheng lohle la Egepeta le ho la Kanana, tsietsi ya ba ya eba kgolo; bontata rona ba sitwa le ho fumana dijo. 12Empa eitse ha Jakobo a utlwa hobane koro e teng Egepeta, a roma bontata rona teng la pele. 13La bobedi, Josefa a tsejwa ke banababo, mme Faro a tsebiswa moloko wa Josefa. 14Yaba Josefa o romela ho lata Jakobo, ntatae, le ba mofuta wa hae kaofela, e le batho ba mashome a supileng a metso e mehlano. 15Jwale, Jakobo a theohela Egepeta, moo a shwetseng teng le bontata rona. 16Mme ditopo tsa bona tsa iswa Sikeme, tsa patwa lebitleng la Abrahama, leo a neng a le reke ka ditjhelete ho bara ba Hamore, Sikeme.
17Eitse ha nako e se e atametse eo Modimo o tla phetha pallo eo o neng o e anetse Abrahama, setjhaba sa ata, sa anafala Egepeta. 18Ha ba ha hlaha morena e mong, ya sa kang a tseba Josefa. 19Eo a etsa ka mano ho setjhaba sa rona, a hlorisa bontata rona, a ba a ba lahlisa bana ba bona, hore ba tle ba se ke ba hlola ba ata.
20Moshe a tswalwa mehleng eo, ya eba ngwana e motle ho Modimo; a hodiswa ka kgwedi tse tharo tlung ya ntatae. 21Eitse hobane a lahlwe, moradi wa Faro a mo thola, mme a ikgodisetsa yena, hore e tle e be mora wa hae ka sebele. 22Moshe a rutwa bohlale bohle jwa Baegepeta, mme ya eba motho ya matla ditabeng le mesebetsing.
23Eitse ha a se a hodile dilemo tse mashome a mane, pelo ya hae ya hlahelwa ke takatso ya hore a etele banababo, bara ba Iseraele. 24A fumana e mong wa bona a etswa hampe feela; a mo tlatsa, mme a lefetsa ya etswang hampe ka ho bolaya Moegepeta. 25O ne a lekanya hore banababo ba tla utlwisisa kahoo hobane Modimo o tla ba namolela ka letsoho la hae, empa ha ba ka ba utlwisisa. 26Ka hosasane, a wela ba bang ba lwanang, a ba kgothatsa hore ba etse kgotso, ka ho re: Banna, le ba mofuta o le mong; na le etsana hampe keng? 27Empa ya etsang wa habo hampe a nyatsa Moshe, a re: Ke mang ya o beileng morena, le moahlodi wa rona na? 28Hleka o rata ho mpolaya jwalokaha o bolaile Moegepeta maobane na? 29Jwale, ka baka la polelo eo, Moshe a baleha, a ya jaka naheng ya Midiane, mme a tswala bara ba babedi teng.
30Eitse hobane ho fete dilemo tse mashome a mane, lengeloi la Morena la hlaha ho yena lefeelleng la thaba ya Sinai, kgabong ya mollo e sehlahleng. 31Moshe ha a bona mohlolo oo, a makala ke wona; a re a sa atamela ho tadimisisa, lentswe la Morena la mo tlela, la re: 32Ke nna Modimo wa bontatao. Modimo wa Abrahama, Modimo wa Isaaka, Modimo wa Jakobo. Yaba Moshe o tshwarwa ke ho thothomela, mme a tshaba ho tadima. 33Morena a re ho yena: Rola dieta maotong a hao, hobane nqalo eo o emeng ho yona ke lefatshe le kgethehileng. 34Ke hlile ke bontshisitse dihloriso tsa setjhaba sa ka se Egepeta, le ho dumaduma ha bona ke ho utlwile, mme ke theohetse ho ba namolela; tloo jwale, ke o rome Egepeta. 35Moshe eo ba neng ba mo nyatsitse, ba re: Ke mang ya o beileng morena le moahlodi wa rona? Ke yena ya kileng a rongwa ke Modimo, hore e be morena le monamoledi wa bona, ka letsoho la lengeloi le kileng la hlaha ho yena sehlahleng. 36Ke yena ya ba ntshitseng Egepeta, a etsa mehlolo le meeka Egepeta, le Lewatleng le Lefubedu, le lefeelleng, ka dilemo tse mashome a mane. 37Esale Moshe eo ya kileng a re ho bana ba Iseraele: Morena, Modimo wa lona, o tla le hlahisetsa moporofeta hara banababo lona, ya jwaloka nna; mo utlweng. 38Ke yena ya kileng a ba phuthehong feelleng, hammoho le lengeloi le neng le bua le yena thabeng ya Sinai le bontata rona moholo; ke yena ya nkileng ditaba tsa bophelo ho re nea tsona. 39Empa bontata rona ba ne ba hane ho mo utlwa; ba mo nyatsa, mme ba kgutlela Egepeta ka dipelo tsa bona, 40ba re ho Aarone: Re etsetse medimo e re etellang pele; hobane Moshe eo, ya re ntshitseng lefatsheng la Egepeta, ha re tsebe se mo hlahetseng. 41Mohlang oo, ba etsa namane, mme ba hlabela setshwantsho seo, ba thabela mosebetsi wa matsoho a bona. 42Ebile moo Modimo o ba furallang, wa ba neela ho sebeletsa makgotla a lehodimo, kamoo ho ngodilweng kateng bukeng ya baporofeta, ho thwe: Lona ntlo ya Iseraele, na le ntlhahiseditse dikgomo le mahlabelo feelleng ka dilemo tse mashome a mane na? 43Tjhe, empa le ne le jere tabernakele ya Moloke, le naledi ya modimo wa lona Remfane, e leng ditshwantsho tseo le iketseditseng tsona ho di kgumamela; ka baka leo, ke tla le falatsa, ke be ke le fetisetse ka nqane ho Babilona.
44Bontata rona ba ne ba na le tabernakele ya bopaki feelleng, kamoo ya buang le Moshe a neng a mo laetse kateng, ho e etsa ka setshwantsho seo a se boneng. 45Eitse hobane bontata rona ba e newe, ba ya le yona lefatsheng la ditjhaba tseo Modimo o di lelekileng pela bona, ba ena le Joshua; mme ya nna ya dula teng ho fihlela mehleng ya Davida. 46Davida a bona mohau pela Modimo, mme a kopa hore a batlele Modimo wa Jakobo tabernakele. 47Salomone ke yena ya o hahetseng tempele. 48Empa Ya hodimodimo a ke ke a aha ditempeleng tse entsweng ka matsoho, jwalokaha moporofeta a boletse, a re: 49Lehodimo ke terone ya ka, mme lefatshe ke bonamelo ba maoto a ka; ntlo eo le ka nkgahelang yona e ka ba e jwang, ho bolela Morena, le nqalo eo nka phomolang ho yona e ka ba efe? 50Na letsoho la ka hase lona le entseng ntho tseo kaofela na?
51 Lona ba melala e thata, ba sa bollang dipelo le ditsebe, le hanela Moya o Halalelang kamehla; le tshwana le bontata lona. 52Ke ofe moporofeta eo bontata lona ba sa kang ba mo hlorisa? Ba bile ba bolaile le ba boletseng pele ho tla ha Ya lokileng eo le mo ekileng jwale, eo le leng babolai ba hae; 53lona ba nkileng molao ka matsoho a mangeloi, mme ha le a ka la o boloka.
54Eitse ha ba utlwa taba tseo, ba tlalwa ke dipelo, mme ba mo tsikitlanyetsa meno. 55Empa Setefane a tlala Moya o Halalelang, a lelala hodimo, a bona kganya ya Modimo, le Jesu a eme letsohong le letona la Modimo. 56A re: Bonang! ke bona mahodimo a phetlilwe, le Mora motho a eme ka letsohong le letona la Modimo. 57Yaba ba phahamisa mantswe, ba howa, ba ithiba ditsebe, mme ba itihela hodima hae hammoho. 58Eitse hobane ba mo kgarameletse kantle ho motse, ba mo tlepetsa ka majwe; mme dipaki tsa bea diaparo tsa tsona maotong a mohlankana ya bitswang Saule. 59Ha ba sa ntse ba mo tlepetsa, Setefane a rapela, a re: Morena Jesu, amohela moya wa ka! 60A ntoo kgumama, a howa ka lentswe le leholo, a re: Morena, o se ke wa ba balla sebe sena! Yare ha a buile jwalo, a ithoballa.

Currently Selected:

DIKETSO 7: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in