YouVersion Logo
Search Icon

DIKETSO 6

6
Peo ya bahlanka.
1Mehleng eo, ha barutuwa ba se ba atile haholo, Bajuda ba Bagerike ba korotla ka Bajuda ba Baheberu, ka ho re, basadi ba bahlolohadi ba bona ha ba hlokomelwe phepong ya letsatsi le leng le le leng. 2Yaba ba leshome le metso e mmedi ba bitsa barutuwa bohle, ba re: Ha ho a tshwanela hore re lese ho bolela lentswe la Modimo ka baka la ho aba dijo ditafoleng. 3Ha ho le jwalo, lona banababo rona, a le ke le kgetheng banna ba supileng hara lona, e leng ba tshepjwang, ba tletseng Moya o Halalelang le hlalefo, bao re ka ba beang tshebeletsong eo. 4Haele rona, re tla nne re tiisetse thapelong, le tshebeletsong ya lentswe.
5Polelo eo ya kgahlisa barutuwa bohle, mme ba kgetha Setefane, monna ya tletseng tumelo le Moya o Halalelang, le Filipi, le Prokore, le Nikanore, le Timone, le Parmena, le Nikola, moporoselite wa Antioke. 6Ba ba emisa pela baapostola; mme bao, hobane ba rapele, ba ba bea matsoho.
Setefane o qoswa ka taba ya hore o nyefotse; — o iswa kgotla, le ho tlepetswa ka majwe.
7Lentswe la Modimo le ne le ntse le tswela pele; mme barutuwa ba ne ba anafala haholo Jerusalema, ha ba ha dumela le baprista ba bangata.
8Setefane o ne a tletse tumelo le matla, mme o ne a etsa mehlolo le meeka e mengata hara setjhaba. 9Empa ba bang ba sinagoge e bitswang ya Batlamolohi, le ba ya ba Sirene, le ba ya ba Aleksandria, le ba ya ba Silisia, le ba ya ba Asia, ba ema, ba fetolana le Setefane. 10Ba mpa ba sitwa ho hanyetsa bohlale ba hae le Moya oo a buang ka wona. 11Yaba moo ba hlohlelletsang banna ba bang hore ba tle ba re: Re mo utlwile a bolela ditaba tse nyefolang Moshe le Modimo. 12Ba ferekanya setjhaba le baholo le bangodi; ba ba ba mo wela sehloho, ba mo tshwara, ba mo isa kgotla. 13Ba hlahisa dipaki tse leshano, tse reng: Motho enwa ha a lese ho bolela ditaba tse nyefolang nqalo ena e halalelang le molao; 14hobane re mo utlwile a bolela hore Jesu eo wa Nasaretha o tla fedisa nqalo ena, a fetole le mekgwa eo re e neilweng ke Moshe.
15Mme bohle ba dutseng kgotla ha ba mo hlaba ka mahlo, ba bona sefahleho sa hae se le jwaloka sefahleho sa lengeloi.

Currently Selected:

DIKETSO 6: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy