YouVersion Logo
Search Icon

DIKETSO 5

5
1Empa monna e mong ya bitswang Ananiase, a ena le Safira, mosadi wa hae, a rekisa ka tshimo. 2A ikarolela theko ya yona ka nqa e nngwe, ba dumellane le mosadi wa hae, mme se setseng a se tlisa, a se bea maotong a baapostola. 3Empa Petrose a re: Ananiase, na Satane o hapile pelo ya hao jwang, hore o etse leshano ho Moya o Halalelang, le ho ikarolela theko ya tshimo ka nqa e nngwe na? 4Ha ke re, tshimo leha e be e ituletse, e ne e le ya hao? mme leha o ne o rekile ka yona, theko ya yona e ne e sa ntse e le ya hao na? Ho ile kang ha o hopotse taba eo pelong ya hao? Leshano leo ha o a le etsa ho batho, empa o le entse ho Modimo. 5Yare ha Ananiase a utlwa mantswe ao, a wela fatshe, a shwa; mme bohle ba utlwileng taba tseo, ba tshwarwa ke tshabo e kgolo. 6Jwale, bahlankana ba ema, ba mo phuthela, mme ba ya mo epela.
7Ha ho fetile dihora tse batlileng ho ba tharo, mosadi wa hae le yena a kena, a sa tsebe se hlahileng. 8Petrose a mmotsa, a re: Ako mpolelle hore na le rekile ka tshimo ho le hokalo na? A re: E, ho hokalo. 9Petrose a re ho yena: Le dumellane jwang ho leka Moya wa Morena na? Bona, maoto a ba epetseng monna wa hao e se e le ao monyako, mme le wena ba se ba tla o nka. 10Yaba o se a wela maotong a hae, a eshwa. Bahlankana, eitse ha ba kena, ba mo fumana a se a shwele, mme ba ya mo epela ho monna wa hae. 11Mme tshabo e kgolo ya tshwara kereke kaofela le bohle ba utlwileng taba tseo.
12Mehlolo e mengata le meeka e mengata e ne e etswa hara setjhaba ka matsoho a baapostola; mme bohle ba ne ba phuthehela mathuleng a Salomone, ba le pelo e le nngwe. 13Ho ne ho se motho wa ba bang ya betang pelo ho kopana le bona; empa setjhaba sona se ne se ba rorisa haholo. 14Bongata jwa ba dumetseng ho Morena bo ne bo ntse bo ekeletswa ka banna le ka basadi; 15ha ba ha tliswa ba kulang diterateng, ba bewa malaong le diphateng, hore, etlere Petrose ha a feta, ba bang hara bona ba mpe ba sirelwe ke seriti sa hae. 16Le batho ba metse e kamathoko ba ne ba etla Jerusalema ka bongata, ba tlisa ba kulang le ba tshwenngwang ke meya e ditshila; mme ba ne ba fodiswa bohle.
Baapostola ba kenngwa teronkong; ba ntshwa ka mohlolo; — ba boela ba tshwarwa, ba iswa kgotla, ba otlwa, ba ntoo lokollwa ka keletso ya Gamaliele.
17Yaba moprista e moholo o a ema, le bohle ba nang le yena, e leng ba thuto ya basadusi, ba tletse mona; 18ba tshwara baapostola, ba ba kenya teronkong ya motse. 19Empa lengeloi la Morena la bula menyako ya teronko bosiu, la ba ntsha, la re: 20Eyang, le eme tempeleng, le bolelle setjhaba ditaba tsohle tsa bophelo bona. 21Yare ha ba utlwa tseo, ba kena tempeleng ha bo esa, ba ruta.
Empa moprista e moholo le ba nang le yena ba fihla, ba phutha lekgotla le baholo bohle ba bana ba Iseraele; yaba ba romela teronkong ho ya lata baapostola. 22Empa bahlanka hobane ba fihle teronkong, ba fumana ba le siyo; ba kgutla, ba bolela, 23ba re: Re fihletse teronko e kwetswe hantle, le balebedi ba eme pela menyako; empa hobane re bule, ha re a ka ra fumana motho ka teng.
24Moprista e moholo, le molebedi wa tempele, le baprista ba baholo, yare ha ba utlwa dipolelo tseo, ba makala ke bona, ba re: Taba eo e tla fella kae? 25Ke ha ho fihla e mong, a ba tsebisa, a re: Banna bao le ba kentseng teronkong, ke bane, ba eme tempeleng, ba ruta setjhaba.
26Yaba molebedi wa tempele le bahlanka ba lekgotla ba ya, ba ba tlisa, empa e seng ka matla, kahobane ba ne ba tshaba ho tlepetswa ka majwe ke setjhaba. 27Eitse hobane ba ba tlise, ba ba emisa hara lekgotla, mme moprista e moholo a ba botsa, 28a re: Na ha re a ka ra le laela haholoholo, hore le se ke la ruta ka lebitso leo na? Athe, bonang, le tlatsitse Jerusalema ka thuto ya lona, mme le rata ho tlisa madi a motho eo hodima rona.
29Empa Petrose le baapostola ba bang ba araba, ba re: E ka kgona re utlwe Modimo ho ena le batho. 30Modimo wa bontata rona o tsositse Jesu, eo le mmolaileng ka ho mo fanyeha sefateng. 31Modimo o mo phahamiseditse letsohong le letona la wona, hore e be yena Morena le Mmoloki ya neang Iseraele pako le tshwarelo ya dibe. 32Rona, re dipaki tsa hae ditabeng tseo, rona le Moya o Halalelang oo Modimo o o neileng ba o utlwang.
33Yare ha ba lekgotla ba utlwa tseo, ba tlalwa ke dipelo, mme ba ne ba rata ho ba bolaya. 34Empa mofarisi e mong, ya bitswang Gamaliele, moruti wa molao ya roriswang ke setjhaba kaofela, a ema hara lekgotla, a laela hore baapostola ba ntshetswe ntle motsotswana o se okae. 35A ba a bua, a re: Bana ba Iseraele, iponeleng bakeng sa batho bao hore na le tla etsa eng. 36Hobane kgajana ho ile ha hlaha Theudase, a ipolela hore ke motho e moholo; a latelwa ke batho ba batlileng ho ba makgolo a mane; a mpa a bolawa; mme bohle ba kgotsweng ke yena ba fatakanngwa, ba fela. 37Kamora eo, ha hlaha Judase wa Galelea, mehleng eo batho ba neng ba ngolwa ka yona, a ba a ikgulela batho ba bangata; empa le yena a timela, mme bohle ba neng ba mo utlwa ba fatakanngwa. 38Jwale, ke re ho lona: Kgaohanang le batho bao, le ba tlohele; hobane ha ekaba morero oo, kapa mosebetsi oo ke o tswang ho batho, o tla fela. 39Empa haeba o tswa ho Modimo, le ke ke la ba la o fedisa; mme le iponele, esere mohlomong la fumanwa le lwantshitse Modimo.
40Ba mo dumela: eitse hobane ba bitse baapostola, ba ba shapa, ba ba laela hore ba se ke ba boela ba ruta ka lebitso la Jesu; ba ntoo ba lokolla.
41 Baapostola ba tloha kgotla, ba thabile kahobane ba entswe ba tshwanelwang ke ho hlabiswa dihlong ka baka la lebitso la Jesu. 42Ha ba ka ba phetsa ka matsatsi wohle ho ruta le ho bolela tempeleng le ka matlung, hore Jesu ke Kreste.

Currently Selected:

DIKETSO 5: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy