YouVersion Logo
Search Icon

DIKETSO 4

4
Petrose le Johanne ba tshwarwa, mme ba iswa pela lekgotla.
1Yare ba sa bua le batho, baprista ba fihla ho bona, ba ena le molaodi wa tempele le basadusi, 2ba ferekane dipelo ke hobane Petrose le Johanne ba ruta batho, mme ba bolela tsoho ya bafu ka ya Jesu. 3Ba ba tshwara, ba ba kenya teronkong ho fihlela hosasane; hobane e ne e se e le mantsiboya. 4Leha ho le jwalo, ba bangata ho ba utlwileng lentswe ba dumela; ha ba balwa, ya batla e eba banna ba kete tse hlano.
5Yare hosasane, marena le baholo le bangodi ba bokana hona Jerusalema, 6ba ena le Anna, moprista e moholo, le Kaiafa, le Johanne, le Aleksandere, le bohle bao e leng ba mofuta wa boprista ba boholo. 7Eitse hobane ba emise baapostola hara bona, ba ba botsa, ba re: Le entse hoo ka matla afe, kapa ka lebitso lefe na?
8Yaba Petrose, a tletse Moya o Halalelang, o ba bolella, a re: Marena a setjhaba, le lona baholo ba Iseraele, 9haele mona re botswa kajeno ketso e nngwe e molemo e entsweng ho motho wa sehole, hore ho tsejwe hore na o fodisitswe ka mokgwa o jwang, 10ho ke ho tsejwe ke lona kaofela le ke setjhaba sohle sa Iseraele, hobane motho enwa ya emeng pela lona, o fodisitswe ka lebitso la Jesu Kreste wa Nasaretha, eo lona le mo thakgisitseng, eo Modimo o mpang o mo tsositse bafung. 11Ke yena e leng lejwe le nyatsitsweng ke lona dihahi, le entsweng lejwe la ntlha la motheo. 12Mme ha ho poloko ho e mong; hobane ha ho lebitso le leng tlasa lehodimo, leo batho ba le neilweng, leo re ka bolokehang ka lona.
13Eitse ha ba bona ho tiya ha Petrose le Johanne, athe ba tseba hobane ke batho ba sa rutehang, e le batho feela, ba makala, mme ba lemoha hobane ba kile ba tsamaya le Jesu. 14Empa, kahobane ba ne ba bona ya fodisitsweng a eme le bona, ba hloka seo ba ka arabang ka sona. 15Eitse hobane ba ba laele hore ba ke ba tlohe kgotla, ba botsana, 16ba re: Batho bao re tla ba etsang na? Hobane, haele hore mohlolo o bonahalang o entswe ke bona, ke taba e tsejwang ke bohle ba ahileng Jerusalema, mme re ka sitwa ho ho latola. 17Empa hore taba tseo di se ke tsa eketsa ho hosana hara batho, a re ba laeleng ka ho ba sokela hore ba se ke ba boela ba ruta motho, leha a le mong, ka lebitso leo. 18Yaba ba boela ba ba bitsa, ba ba laela hore ba se ke ba bolela le hanyenyane, leha e le ho ruta, ka lebitso la Jesu.
19Empa Petrose le Johanne ba ba araba, ba re: A ho ahlole lona hore na ke taba e lokileng pela Modimo ho utlwa lona ho fetisa Modimo na? 20Hobane haele rona, ha ho kamoo re ka lesang ho bolela kateng, tseo re di boneng le tseo re di utlwileng. 21Jwale, ba ba lokolla ba ntse ba ba sokela, ba sa bone kamoo ba ka ba otlang kateng ka baka la setjhaba; hobane bohle ba ne ba tlotlisa Modimo ka baka la se entsweng. 22Etswe motho eo mohlolo oo wa phodiso o neng o entswe hodima hae, dilemo tsa hae di ne di se di feta mashome a mane.
23Eitse hobane ba lokollwe, ba kgutlela ho ba habo, ba ba tsebisa tsohle tseo ba di boleletsweng ke baprista ba baholo, le ke baholo. 24Bao, ha ba utlwa tseo, ba phahamisetsa mantswe a bona ho Modimo ka pelo e le nngwe, ba re: Oho, Morena, ke wena Modimo o entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le tsohle tse ho wona. 25O boletse ka molomo wa Davida, mohlanka wa hao, wa re: Na baditjhaba ba dumadumelang, mme ditjhaba di rerelang ditaba tsa lefeela? 26Marena a lefatshe a phuthehile, le baholo ba kopane hammoho ho lwantsha Morena le Motlotsuwa wa hae. 27Hobane efela Heroda, le Ponse Pilato, le baditjhaba, le meloko ya Iseraele e kopane hammoho ho lwantsha Jesu, mohlanka wa hao ya halalelang, eo o mo tlotsitseng; 28le ho etsa tsohle tseo letsoho la hao le thato ya hao e di laetseng pele hore di etsahale. 29Jwale, Morena, bona ditshokelo tsa bona, mme o nee bahlanka ba hao matla a ho bolela lentswe la hao, ba sa tshabe letho. 30Mme o otlolle letsoho la hao ho fodisa batho, le ho etsa meeka le mehlolo ka lebitso la Jesu, mohlanka wa hao ya halalelang.
31Eitse hobane ba rapele, nqalo eo ba phuthehetseng ho yona ya sisinyeha, mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba bolela lentswe la Modimo ka matla.
Kopano le thatano ya badumedi. — Ananiase le Safira. — Mosebetsi o ntse o eya pele.
32Bongata bohle ba ba dumetseng bo ne bo le pelo e le nngwe le moya o le mong feela; ho ne ho se motho ya reng, dintho tseo a nang le tsona ke tsa hae, empa dintho tsa e mong le e mong ba ne ba re, ke tsa bona bohle. 33Baapostola ba ne ba paka tsoho ya Morena Jesu Kreste ka matla a maholo, mme hlohonolofatso e kgolo e ne e dula hodima bona bohle. 34Le hona ho ne ho se motho ya hlokang letho hara bona; hobane bohle ba neng ba ena le masimo, leha e le matlo, ba ne ba rekisa ka wona, ba tlisa theko ya tse rekilweng, 35ba e bea maotong a baapostola; mme e mong le e mong o ne a abelwa kamoo a hlokang kateng.
36Le yena Jose, ya reilweng Barnabase ke baapostola, e leng ho re, mora tshediso, ha ho fetolwa, e neng e le Molevi, ya tswaletsweng Sipera, 37o ne a ena le tshimo; a rekisa ka yona, mme a tlisa theko ya yona, a e bea maotong a baapostola.

Currently Selected:

DIKETSO 4: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy