1
JOHANNE 15:5
BIBELE
SSO89SO
“Ke nna sefate sa morara, lona le makala. Ya dulang ka ho nna, le nna ka ho yena, o beha ditholwana tse ngata, hobane ntle ho nna le ke ke la etsa letho.
Сравнить
Изучить JOHANNE 15:5
2
JOHANNE 15:4
Dulang ka ho nna, le nna ka ho lona. Jwalokaha lekala le ke ke la beha ditholwana ka bolona ha le se sefateng sa morara, ho jwalo le ho lona ha le sa dule ka ho nna.
Изучить JOHANNE 15:4
3
JOHANNE 15:7
Ha le dula ka ho nna, le dipolelo tsa ka di dula ka ho lona, kopang seo le se batlang, mme le tla se newa.
Изучить JOHANNE 15:7
4
JOHANNE 15:16
Hase lona le nkgethileng, empa ke nna ke le kgethileng, mme ke le beile hore le ye, le behe ditholwana, mme ditholwana tsa lona di dulele ruri, hore eng le eng eo le e kopang Ntate ka lebitso la ka, a le fe yona.
Изучить JOHANNE 15:16
5
JOHANNE 15:13
Ha ho ya nang le lerato le fetang lena, la hore motho a telle metswalle ya hae bophelo ba hae.
Изучить JOHANNE 15:13
6
JOHANNE 15:2
Lekala le leng le le leng le ho nna le sa beheng ditholwana, o a le poma, mme le leng le le leng le behang ditholwana, o a le faola, hore le tle le behe ditholwana tse ngata ho feta.
Изучить JOHANNE 15:2
7
JOHANNE 15:12
Ena ke taelo ya ka, hore le ratane jwalokaha ke le ratile.
Изучить JOHANNE 15:12
8
JOHANNE 15:8
Ntate o tlotliswa ka hona: ha le beha ditholwana tse ngata, le tla ba barutuwa ba ka.
Изучить JOHANNE 15:8
9
JOHANNE 15:1
“Ke nna sefate sa nnete sa morara, mme Ntate ke molemi.
Изучить JOHANNE 15:1
10
JOHANNE 15:6
Ha motho a sa dule ka ho nna, o lahlelwa kantle jwaloka lekala, mme a omelle. Makala a a bokellwa, a lahlelwe mollong, a tjhe.
Изучить JOHANNE 15:6
11
JOHANNE 15:11
“Ke buile ditaba tsena ho lona hore thabo ya ka e be ka ho lona, mme thabo ya lona e be e phethehileng.
Изучить JOHANNE 15:11
12
JOHANNE 15:10
Ha le boloka ditaelo tsa ka, le tla dula leratong la ka, jwalokaha ke bolokile ditaelo tsa Ntate, mme ke dula leratong la hae.
Изучить JOHANNE 15:10
13
JOHANNE 15:17
Seo ke le laelang sona, ke hore le ratane.”
Изучить JOHANNE 15:17
14
JOHANNE 15:19
Ha le ne le le ba lefatshe, lefatshe le ka be le ratile seo e leng sa lona, empa kahobane le se ba lefatshe, ke mpa ke le kgethile ho ba lefatsheng, lefatshe le le hloile ke hona.
Изучить JOHANNE 15:19
Главная
Библия
Планы
Видео