LUKA 18

18
Setshwantsho sa moahlodi ya sa lokang.
1Le hona Jesu a ba bolella setshwantsho sa ho re, e ka kgona ba rapele kamehla, mme ba se ke ba kgathala! 2A re: Moahlodi o ne a le teng motseng o itseng, ya sa tshabeng Modimo, mme le batho a sa re letho ka bona. 3Hape, ho ne ho le mosadi wa mohlolohadi motseng oo, ya neng a etla ho yena, a re: Nkahlolele ho ya ntsekisang. 4A hana halelele; empa kamorao, a imamela, a re: Leha ke sa tshabe Modimo, ke sa re letho ka batho, 5leha ho le jwalo, kahobane mohlolohadi eo o a nkgathatsa, ke tla mo ahlolela, a tle a se ke a nngamola hlooho ka ho nna a etla kamehla. 6Morena a re: Utlwang se bolelwang ke moahlodi eo ya sa lokang. 7Mme Modimo wona, na o ke ke wa ahlolela bakgethwa ba wona, ba bitsang ho wona motshehare le bosiu, leha o dieha ho halefa ka baka la bona na? 8Ke a le bolella, o tla phakisa ho ba ahlolela. Leha ho le jwalo, etlare ha Mora motho a etla, na o tla fumana tumelo e le teng lefatsheng na?
Setshwantsho sa mofarisi le molekgetho.
9Hape, a bolela setshwantsho sena ho ba bang ba itshepisang hore ba lokile, mme ba nyedisa ba bang; a re: 10Batho ba babedi ba ne ba nyolohetse tempeleng ho ya rapela, e mong e le mofarisi, e mong e le molekgetho. 11Mofarisi a ema, mme a iketsetsa thapelo, a re: Modimo, ke a o leboha ha ke se jwaloka batho ba bang, e leng mashodu, le bakgopo, le bafebi, leha e le jwaloka molekgetho enwa. 12Ke itima dijo habedi ka veke; ke ntsha karolo ya leshome ya ntho tsohle tseo ke di ruang. 13Molekgetho yena a ema hole, a tshaba le ho lelaletsa mahlo a hae lehodimong, a mpa a iteta sefuba, a re: Modimo, nkgauhele, nna ke leng moetsadibe. 14Ke a le bolella, enwa o theohetse tlung ya hae a beilwe ya lokileng ho feta wa pele. Hobane e mong le e mong ya ikgodisang o tla kokobetswa; empa ya ikokobetsang o tla hodiswa.
Bana ba banyenyane.
15Ha tliswa le bana ba banyenyane ho yena hore a ba ame; empa barutuwa, eitse ha ba bona hoo, ba ba kgalemela. 16Yaba Jesu o ba bitsa, a re: Lesang bana ba tle ho nna, mme le se ke la ba thibela, hobane mmuso wa Modimo ke wa ba jwaloka bona. 17Kannete ke re ho lona: Leha e ka ba mang, ya sa amoheleng mmuso wa Modimo jwaloka ngwana, a ke ke a kena teng.
Mohlankana wa morui.
18Yaba mmusi e mong wa sinagoge o mmotsa, a re: Moruti ya molemo, ke tla etsa eng ho rua lefa la bophelo bo sa feleng? 19Jesu a re ho yena: O mpiletsang ya molemo? Ha ho ya molemo, haese a le mong, e leng Modimo. 20O tseba melao e reng: O se ke wa feba; o se ke wa bolaya; o se ke wa utswa; o se ke wa bea bopaki ba bohata; hlonepha ntatao le mmao. 21A re: Ntho tseo kaofela ke di bolokile haesale bonyenyaneng ba ka. 22Eitse hobane Jesu a utlwe hoo, a re ho yena: O sa hloka ntho e le nngwe: Rekisa ka dintho tsa hao tsohle, mme o di abele bafumanehi, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; o ntano tla, o ntatele. 23Empa eo, hoba a utlwe taba tseo, a swaba haholo; hobane a ne a ruile haholo. 24Eitse ha Jesu a bona hobane o swabile haholo, a re: Ho thata hakakang ho ba nang le maruo ho kena mmusong wa Modimo! 25Ho ka ba bonolo hore kamele e kene ka lesoba la lemao, ho ena le hore morui a kene mmusong wa Modimo. 26Ba utlwileng tseo ba re: Ho ka bolokeha mang na? 27Jesu a re: Tse sitang batho ha di site Modimo. 28Yaba Petrose o re: Bona, re tlohetse hohle, mme re o latetse. 29Jesu a re ho bona: Kannete ke re ho lona: Ha ho motho ya tlohetseng ntlo, leha e le baholo ba hae, leha e le banababo, leha e le mosadi, kapa bana, ka baka la mmuso wa Modimo, 30a sa tlo ka a bona, mehleng ena, haholoholo ho tseo, le mehleng e tlang a bone bophelo bo sa feleng.
Jesu o porofeta lefu la hae le tsoho ya hae.
31A nkela ho yena ba leshome le metso e mmedi, a ba bolella, a re: Bonang, re nyolohela Jerusalema, mme tsohle tsa Mora motho tse ngodilweng ke baporofeta di tla phethahala. 32Hobane o tla neelwa baditjhaba, mme o tla songwa, a etswe hampe, a tshwelwe ka mathe. 33Mme etlare hobane ba mo shape, ba tla mmolaya; mme o tla tsoha bafung ka letsatsi la boraro. 34Empa ha ba ka ba utlwisisa taba tseo; polelo eo e ne e patehile ho bona, ba se ke ba utlwisisa tse bolelwang.
Phodiso ya sefofu, Jeriko.
35Eitse ha a atamela Jeriko, sefofu se kopang se ne se dutse pela tsela. 36Yare ha se utlwa bongata bo feta, sa botsa, sa re: Ke eng? 37Ba se bolella hore ke Jesu wa Nasaretha ya fetang. 38Yaba se howa, se re: Jesu, mora Davida, nkutlwele bohloko! 39Ba eteletseng pele ba se kgalemela, ba re, se kgutse; empa ke ha se tla eketsa ho howa, se re: Mora Davida, nkutlwele bohloko! 40Jesu a ema, a ba laela hore ba se tlise ho yena; eitse ha se atametse, a se botsa, 41a re: O rata ha ke o etsang na? Sa re: Morena, ke re, ke tutubolohe. 42Jesu a re ho sona: Tutuboloha, tumelo ya hao e o pholositse. 43Sa hla sa bona hang, sa mo latela, se ntse se rorisa Modimo. Mme batho kaofela ba boneng hoo, ba boka Modimo.

اکنون انتخاب شده:

LUKA 18: SSO61-SO

های‌لایت

به اشتراک گذاشتن

کپی

None

می خواهید نکات برجسته خود را در همه دستگاه های خود ذخیره کنید؟ برای ورودثبت نام کنید یا اگر ثبت نام کرده اید وارد شوید