YouVersion Logo
Search Icon

2 DIKETSAHALO 8

8
Mesebetsi e meng ya Solomone
(1 Dikg. 9:10-28)
1Qetellong ya dilemo tse mashome a mabedi, tseo ka tsona Solomone a ileng a haha Tempele ya Morena le ntlo ya bokgosi, 2Solomone a tsosa metse eo Hirame a ileng a mmuseletsa yona, mme a bea bana ba Iseraele ho yona. 3Jwale Solomone a futuhela Hamate-Soba, a e hapa. 4A tsosa le Tademore e lehwatateng, le metse e meng eo ho bolokwang dijo le dihlomo ho yona, eo a neng a ile a e haha Hamate. 5A tsosa Bete-Horone e kahodimo, le Bete-Horone e katlase, e leng metse e haheleditsweng ka marako, e nang le dikgoro, le mekwallo. 6A tsosa le Baalate, le metse e meng ya hae, eo ho bolokwang dijo le dihlomo ho yona, le metse yohle eo ho bolokwang dikariki tsa ntwa ho yona, le metse ya bahlabani ba palamang. A haha tsohle tseo a neng a rata ho di haha Jerusalema, le Lebanone, le naheng yohle eo a neng a e busa.
7Masalla wohle a setjhaba sa Bahete, le sa Baamore, le sa Baperise, le sa Bahife, le sa Bajebuse, ao e neng e se Baiseraele, 8e leng ditloholo tsa bona, tse ileng tsa sala naheng eo, tseo bana ba Iseraele ba sa kang ba di timetsa, a di fetola makgoba ho fihlela kajeno-ya-bokajeno. 9Empa Solomone ha a a ka a fetola bana ba Iseraele makgoba; bona e ne e le bahlabani, le baokamedi ba balaodi ba mabotho a hae, le balaodi ba dikariki tsa hae tsa ntwa, le balaodi ba bahlabani ba palamang. 10Bana e ne e le baokamedi ba baholo ba kgosi Solomone, ba neng ba busa setjhaba. Ba ne ba le makgolo a mabedi, le mashome a mahlano.
11Solomone a lata moradi wa Faro Motseng wa Davida, a mo isa tlung eo a neng a mo hahetse yona. O ne a re: “Mohatsa ka a ke ke a dula tlung ya Davida, kgosi ya Iseraele, hobane sebaka seo areka ya Morena e kileng ya eba ho sona, se a halalela.”
12Solomone a etsetsa Morena dinyehelo tsa setjheso hodima aletare eo a neng a e hahetse Morena kapele ho lethule. 13A etsa ho ya kamoo ho neng ho hlokahala kateng ka letsatsi le letsatsi, ho latela molao wa Moshe o amanang le disabatha, le mekete ya ho thwasa ha kgwedi, le mekete e meraro e halalelang, e leng mokete wa bohobe bo sa lomoswang, mokete wa dibeke, le mokete wa maphephe.
14Ho ya ka taelo ya Davida, ntatae, a kgethela dihlopha tsa baprista mesebetsi ya tsona, le Balevi a ba kgethela hore ba rorise Modimo, ba thuse le baprista, ho ya kamoo ho neng ho hlokahala kateng ka letsatsi le letsatsi. A kgetha le dihlopha tsa balebedi ba monyako o mong le o mong wa Tempele, hobane Davida, mohlanka wa Modimo, o ne a laetse jwalo. 15Ha ba a ka ba fapoha ditaelo tsa kgosi malebana le baprista le Balevi tabeng efe kapa efe, le tabeng e amanang le matlole.
16Solomone a etsa mosebetsi wohle wa hae, ho tloha mohla ho thewang Tempele ya Morena, ho fihlela e fela. Yaba mosebetsi wa ho haha Tempele ya Morena o a phethwa.
17Jwale Solomone a ya Esione-Gebere, le Elate, lebopong la lewatle le naheng ya Edomo. 18Hurame a mo romela dikepe tse kgannwang ke bahlanka ba hae, e leng banna ba tsebang lewatle. Banna bana ba ya Ofire ba ena le bahlanka ba Solomone, ba kgutla ba nkile kgauta e boima ba dikilo tse ka fetang dikete tse leshome le metso e mehlano, mme ba e nea Solomone.

Currently Selected:

2 DIKETSAHALO 8: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in