YouVersion Logo
Search Icon

2 DIKETSAHALO 7

7
Mokete wa ho kgakola Tempele
(1 Dikg. 8:62-66)
1Hoba Solomone a qete ho rapela, mollo wa theoha lehodimong, wa fihla wa tjhesa nyehelo ya setjheso le mahlabelo, mme tlotla ya Morena ya tlala ka Tempeleng. 2Baprista ba ne ba sitwa ho kena ka Tempeleng ya Morena, hobane e ne e tletse tlotla ya Morena.
3Ha bana ba Iseraele bohle ba bona mollo o theoha lehodimong, le tlotla ya Morena e le hodima Tempele, ba obamela fatshe ka difahleho ba le lebaleng, ba kgumamela Morena, ba mo rorisa, ba re:
“Morena o molemo,
mohau wa hae
ke wa kamehla yohle.”
4Yaba kgosi, mmoho le setjhaba sohle, e nyehella Morena ka mahlabelo. 5Kgosi Solomone a nyehela ka dipohwana tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi, le ka dikgutshwane tse dikete tse lekgolo le mashome a mabedi. Jwale kgosi, mmoho le setjhaba, ya kgakola Tempele ya Morena. 6Baprista ba eba ditulong tsa bona, le Balevi ba neng ba letsa diletsa tsa Morena tsa mmino, tseo kgosi Davida a neng a di etseditse ho rorisa Morena. Balevi, ba shebane le baprista, ba letsa diterompeta, ba boka Morena, ba re: “Mohau wa hae ke wa kamehla yohle.” Baiseraele bohle bona ba ne ba eme ka maoto.
7Solomone a halaletsa bohare ba seotlwana se kapele ho Tempele ya Morena, mme hona moo a etsetsa dinyehelo tsa setjheso. Ka mafura a etsa dinyehelo tsa teboho, hobane aletare ya lethose, eo a neng a e entse, e ne e ke ke ya lekana ho etsetsa nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya mafura.
8Ka yona nako eo Solomone a etsa mokete, a ena le Baiseraele bohle ba neng ba kgobokane ka bongata bo boholo, ho tloha Hamate, ho ya fihla molatswaneng wa Egepeta. Mokete ona wa ketekwa ka matsatsi a supileng. 9Ka letsatsi la borobedi ya eba mokete o moholo wa mapomelo. Ba ne ba ile ba ketekela ho kgakola aletare ka matsatsi a supileng, mme ba boela ba keteka ka matsatsi a supileng hape. 10Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e meraro la kgwedi ya bosupa, Solomone a qhala setjhaba hore se ye malapeng a sona. Setjhaba se ne se thabile, se nyakaletse, ka baka la molemo wohle oo Morena a o etseditseng Davida, le Solomone, le setjhaba sa hae sa Iseraele.
Morena o iponahatsa ho Solomone
(1 Dikg. 9:1-9)
11Solomone a qeta ho haha Tempele ya Morena le ntlo ya kgosi. Tsohle tseo Solomone a neng a rerile ho di etsa ka Tempeleng ya Morena, le ka tlung ya hae ya bokgosi, a di phetha hantle. 12Jwale Morena a iponahatsa ho yena, bosiu, a re: “Ke utlwile thapelo ya hao, mme ke ikgethetse sebaka sena hore e be Tempele eo ke tla etsetswa mahlabelo ho yona.
13“Ha ke etsa hore letsatsi le eme, pula e se ke ya na, kapa ke laela ditsie ho kumola naha, kapa ke romela sewa hara setjhaba sa ka, 14haeba setjhaba sa ka, se bitswang ka nna, se ka ikokobetsa, sa rapela, sa mpatla, mme sa kgutla mekgweng ya sona e kgopo, ke tla utlwa ke le lehodimong, ke se tshwarele sebe sa sona, mme ke ntjhafatse naha ya sona. 15Mahlo a ka a tla ba ntjhotjho, ditsebe tsa ka di be lethwethwe ho utlwa dithapelo tse tla etsetswa sebakeng sena. 16Ke kgethile Tempele ena, ka e halaletsa, e le hore ke tle ke dule ka ho yona kamehla yohle. Ke tla e baballa, ke e rate kamehla yohle.
17“Haeba le wena o ka tsamaya ditseleng tsa ka jwalokaha Davida, ntatao, a ile a etsa, wa etsa tsohle tseo ke o laetseng tsona, mme wa boloka ditaelo tsa ka le melao ya ka, 18ke tla tiisa bokgosi ba hao, jwalokaha ke ne ke etse selekane le Davida, ntatao, ka re: ‘Bokgosi ba hao bo ke ke ba hloka mohlahlami ya tla busa Iseraele.’
19“Empa haeba lona le ka nkwenehela, la furalla ditaelo tsa ka le melao ya ka, eo ke le beetseng yona, yaba le sebeletsa medimo e meng, la e kgumamela, 20ke tla falatsa Baiseraele naheng ena ya ka, eo ke ba neileng yona. Tempele ena, eo ke e ikgalaleditseng yona, ke tla e furalla, mme e tla ba pale le sesomo hara ditjhaba tsohle. 21Tempele ena, leha e phahame hakana, bohle ba fetang pela yona ba tla e kgotsa, ba re: ‘Ke ka baka lang Morena a entseng naha ee tjee, le Tempele ee tjee?’ 22Ho tla arabelwa, ho thwe: ‘Ke kahobane ba furaletse Morena Modimo wa bo-ntata bona, ya ileng a ntsha bo-ntata bona naheng ya Egepeta. Jwale ba kgomaretse medimo e meng, ba a e kgumamela, ba a e sebeletsa, mme ka baka lena Morena o ba tliseditse bobe bona bohle.’ ”

Currently Selected:

2 DIKETSAHALO 7: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy