YouVersion Logo
Search Icon

II BAKORINTHE 9

9
1Haele ka thuso e etsetswang bahalaledi, ekaba ke a tlodisa ha nka le ngolla taba tsa yona; 2hobane ke tseba tjheseho ya lona tabeng ena eo ke ntseng ke ithorisa ka lona ho ba Masedonia, ka ho re, ba Akaea ba se ba ne ba lokise le ngwahola; mme tjheseho ya lona e fela e tsositse ba bangata. 3Mme ke romile baena, hore e se be boithoriso ba rona sebakeng sa lona bo ka fetoha lefeela bakeng seo, le mpe le fumanwe le itokisitse jwalokaha nkile ka bolela. 4Esere, leha ba Masedonia ba ka tla le nna, mme ba le fihlela le eso ho lokise, ra tla ra hlajwa ke dihlong — ha ke sa re lona — tabeng eo re kileng ra ithorisa ka yona. 5Ke lekantse ke hona hoba ke tshwanetse ho kgothatsa baena, hore ba ke ba ye ho lona pele, mme ba phethe tokiso ya phano ya lona eo ke e boletseng, ka re, e se e lokile, e tle e be phano ya pelo, e seng ntho e etswang ka bokgonatha.
6 Hobane taba ke yona ena: Ya jalang hanyenyane o tla kotula hanyenyane; mme ya jalang haholo le hona o tla kotula haholo. 7E mong le e mong a ntshe kamoo a seng a lekantse pele kateng, pelong ya hae; e seng ka ho swaba, leha e le ka ho kgannwa; hobane Modimo o rata ya fanang a thabile. 8Mme Modimo o na le matla a ho le atisetsa neo e nngwe le e nngwe ya mohau, le tle le be le ho le lekanang kamehla nthong tsohle, mme le atelwe ke tseo le tlang ho etsa mesebetsi yohle e molemo ka tsona; 9jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: O hasitse, o file bafumanehi; ho loka ha hae ho hlola ka ho sa feleng. 10Ya baballang mojadi ka peo, le motho ka bohobe a tle a je, o tla le sitsa, mme a le atisetse se jalwang ke lona, mme a totise ditholwana tsa ho loka ka ho lona; 11le tle le ene kahohle, mme le tsebe ho fana ruri, e leng ntho e tla etswa teboho ho Modimo ke rona. 12Hobane tokiso ya tshebeletso eo ha e kgodise bohloki ba bahalaledi feela, empa hape e tla atisa diteboho tse ngata tse bewang ho Modimo. 13Ba tla rorisa Modimo, ha ba bontshwa ka dithuso tseo hoba le na le kutlo Evangeling ya Kreste, eo le ipitsang ka yona, le hore le na le phano ya sebele ho bona, le ho bohle. 14Ke moo ba tla le rapella, mme ba tiye ho le rata, ka baka la mohau wa Modimo o le atetseng. 15Ho bokwe Modimo ka neo ya wona e se nang ho bolelwa.

Currently Selected:

II BAKORINTHE 9: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in