YouVersion Logo
Search Icon

II BAKORINTHE 8

8
Pauluse o lemosa Bakorinthe bakeng sa kabelo e neng e bokellelwa bakreste ba Jerusalema.
1Banabeso, jwale re le tsebisa mohau oo Modimo o o etseditseng dikereke tsa Masedonia. 2Ke hobane, mahareng a moleko wa mahlomola a maholo, thabo ya tsona ya nna ya eketseha, mme bofumanehi bo boholo ba tsona bo tsholotse monono wa ho fana ha bona. 3Hobane ba ithaopile ho ntsha ka matla a bona — teng ke paki — le ka ho fetisa matla. 4Ba re qopheletse ka merapelo e mengata, hore re no amohela ketso eo ya mohau le ho kena ha bona dithusong tse etsetswang bahalaledi. 5Mme ha ba ka ba etsa feela kamoo re neng re lebeletse kateng, empa ba qadile ka ho ineela Morena le rona, ka thato ya Modimo.
6Ra ba ra rapela Tite, ra re, ha a se a qadile, a fele a phethe ketso eo ya mohau hara lona. 7Mme jwalokaha le atetswe ke tsohle, ke tumelo, ke dipolelo, ke tsebo, ke mafolofolo wohle, le ke lerato leo le re ratang ka lona, le fele le atelwe le ke ketso eo ya mohau. 8Ha ke rialo ka molao, empa e le hore ke leke, ka mafolofolo a ba bang, nnete ya lerato la lona. 9Hobane le tseba mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste, hoba, leha a ne a enne, o ne a iketse mofumanehi ka baka la lona, le tle le ene ka bofumanehi ba hae. 10Ke le nea keletso tabeng eo; efela lona e le tshwanetse, hobane esale ngwahola le rakile bohle ka ho etsa le ka ho rata. 11Jwale, phethang le hona ho etsa; hore, jwalokaha le bile mafolofolo ho rateng, le be jwalo le ho etseng, le nka ho seo le nang le sona. 12Hobane ho rata ha ho le teng, motho o ye a natefelwe ka seo a nang le sona, e seng ka seo a se hlokang. 13Hobane ha ho etswe hore ba bang ba bone thuso, mme lona le tsielehe; ho mpa ho etswa ka ho re, ho lekane hantle; 14hore nala ya lona e tle e imolle bofumanehi ba bona nakong ya jwale, mme nala ya bona le yona e tle e imolle bofumanehi ba lona, ho tle ho etswe ka ho lekana; 15jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ya neng a bokeletse haholo ha a ka a sallwa ke letho; mme ya neng a bokeletse hanyenyane ha a ka a hloka.
16A re leboheng Modimo, o kentseng tjheseho e le nngwe pelong ya Tite le ho ya ka ka baka la lona. 17O fela a amohetse kgothatso ya ka hantle, mme o ile ho lona a sa laelwa ke e mong, a mpa a iswa ke tjheseho ya hae. 18Re romile le yena moena e mong ya tumileng dikerekeng tsohle ka taba tsa Evangeli; 19e seng kahoo feela, hape ke motho eo re mo kgethetsweng ke dikereke hore re tsamaye le yena mosebetsing wona wa mohau, oo re o sebetsang ho tlotlisa Modimo ka sebele, le ho hlahisa tjheseho ya lona. 20Re ipabaletse, esere mohlomong ra nyatsuwa tabeng ya dithuso tseo tse ngata, tseo re di disang. 21Hobane re batla seo e leng se setle, e seng mahlong a Morena feela, e leng le mahlong a batho. 22Re romile le bona moena e mong, eo re boneng hangata a le mafolofolo ditabeng tse ngata; le jwale o sa na le mafolofolo a fetisang ka ho le tshepa haholo.
23Haele Tite, ke molekane wa ka le motlatsi wa ka ho lona; mme haele baena ba bang, ke baromuwa ba dikereke, ke letlotlo la Kreste. 24A le ke le bonahatseng lerato la lona pela dikereke, le kamoo re sa foseng ha re ithorisa ka lona kateng.

Currently Selected:

II BAKORINTHE 8: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in