YouVersion Logo
Search Icon

Mattheu 21

21
Mattheu 21
1Eitse ha ba atametse Jerusalema, mme ba fihla Bethefage, thabeng ya Mehlwaare, Jesu a roma barutuwa ba babedi.
2A re ho bona: Eyang motsaneng oo le o lebeletseng, mme hanghang le tla fumana esele e holehilweng, e nang le eselana;
3Ekare ha motho a le bolella taba, le tle le re: Morena o a di hloka; mme o tla phakisa a di romele.
4Tsena tsohle di etsahetse, hore ho tle ho etsahale se boletsweng ke moporofeta, a re:
5Bolellang moradi wa Sione, le re: Bona, Morena wa hao o tla ho wena, a le bonolo, a kaletse esele, le petsana ya esele.
6Barutuwa ba ya, ba etsa kamoo Jesu a ba laetseng kateng.
7Ba tlisa esele le esele, ba apesa diaparo tsa bona hodima tsona, ba mmea hodima tsona.
8Letshwelehadi la ala diaparo tsa lona tseleng; ba bang ba poma makala a difate, ba a ala tseleng.
9Matshwele a eteletseng pele le a latelang a howa, a re: Hosanna ho Mora Davida! Hosanna mahodimong.
10Eitse ha a kena Jerusalema, motse kaofela wa sisinyeha, wa re: Enwa ke mang?
11Mme bongata ba re: Enwa ke Jesu moporofeta wa Nasaretha wa Galelea.
12Jesu a kena ka Tempeleng ya Modimo, a leleka bohle ba rekisang le ba rekang ka Tempeleng, mme a phethola ditafole tsa ba ananyang tjhelete, le ditulo tsa ba rekisang maeba.
13A re ho bona: Ho ngodilwe, ho thwe: Ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo; empa lona le e entse lehaha la mashodu.
14Mme difofu le dihlotsa tsa tla ho yena ka tempeleng; mme a ba fodisa.
15Yare ha baprista ba baholo le bangodi ba bona tse makatsang tseo a di etsang, le bana ba howang ka Tempeleng, ba re: “Hosanna ho Mora wa Davida! ba ne ba hloname haholo;
16Ba re ho yena: “Na o a utlwa seo bao ba se bolelang? Jesu a re ho bona: E; A ha le eso ho bale, Hotswa melomong ya bana le ba anyang, o phethile thoriso?
17A ba tlohela, a tswa motseng, a ya Bethania; mme a robala teng.
18Eitse hoseng ha a khutlela motseng, a lapa.
19Eitse ha a bona sefate sa feiye se tseleng, a ya ho sona, mme a se ke a fumana letho ho sona, haese mahlaku feela; Mme hang sefate sa feiye sa omella.
20Barutuwa, ha ba bona hoo, ba makala, ba re: Sefate sa feiye se omeletse hakakang!
21Jesu a araba, a re ho bona: Kannete ke re ho lona: Ha le na le tumelo, mme le sa belaele, le ke ke la etsa se etswang sefate sa feiye feela, empa le ha le ka re ho thaba ena: Tloha! mme o dihelwe lewatleng; ho tla etsoa.
22Tsohle tseo le di kopang ka thapelo le dumetse, le tla di amohela.
23Eitse ha a kena ka Tempeleng, ha a ntse a ruta, baprista ba baholo le baholo ba setjhaba ba tla ho yena, ba re: “Tseo o di etsa ka matla afe? mme ke mang ya o neileng matla ao?
24Jesu a araba, a re ho bona: Le nna ke tla le botsa taba e le nngwe;
25Kolobetso ya Johanne e ne e tswa kae? lehodimong, kapa ho batho? Mme ba eletsana, ba re: Ha re ka re: E ne e etswa lehodimong; o tla re ho rona: Ke ka baka lang ha le sa ka la mo dumela?
26Empa ha re ka re: E ne e tswa bathong; re tshaba batho; hobane bohle ba re Johanne ke moporofeta.
27Ba araba Jesu, ba re: Ha re tsebe. A re ho bona: Le nna ha ke le bolelle matla ao ke etsang ntho tseo ka wona.
28Empa le nahana jwang? Monna e mong o ne a ena le bara ba babedi; mme a tla ho wa pele, a re: Mora, eya ho sebetsa tshimong ya ka ya merara kajeno.
29Yena a araba, a re: Ha ke rate; empa hamorao a baka, a ikela.
30A tla ho wa bobedi, a bua jwalo. Yena a araba, a re: Ke ya, monghadi;
31Ke ofe ho ba babedi bao ya entseng thato ya ntatae? Ba re ho yena: Wa pele. Jesu a re ho bona: Kannete ke re ho lona: balekgetho le diotswa ba le etella pele ho kena mmusong wa Modimo.
32Hobane Johanne o tlile ho lona ka tsela ya ho loka, mme ha le a ka la mo dumela, empa balekgetho le diotswa ba dumela ho yena;
33Utloang setšoantšo se seng: Ho ne ho e-na le monga ntlo e mong, ea hlomileng tšimo ea merara, a e thibella ka hohle, a tjheka sehatelo ho yona, a haha tora, a e lefisa balemi, a ya naheng e hole.
34Yare ha nako ya ditholwana e atamela, a romela bahlanka ba hae ho balemi, hore ba nke ditholwana tsa sona.
35Yaba balemi ba tshwara bahlanka ba hae, ba otla e mong, ba bolaya e mong, ba tlepetsa e mong ka majwe.
36A boela a roma bahlanka ba bang ba bangata ho feta ba pele, mme ba ba etsa jwalo.
37Empa qetellong a romela mora wa hae ho bona, a re: Ba tla hlompha mora wa ka.
38Empa balemi, ha ba bona mora, ba buisana, ba re: Enwa ke mojalefa; tloong, re mmolayeng, mme re nke lefa la hae.
39Ba mo tshwara, ba mo lahlela kantle ho tshimo ya merara, ba mmolaya.
40Jwale, mohla monga tshimo ya merara a tlang, o tla etsang ka balemi bao?
41Ba re ho yena: Bakgopo bao o tla ba timetsa hampe, mme tshimo ya hae ya merara o tla e nea balemi ba bang, ba tlang ho mo nea ditholwana ka dinako tsa tsona.
42Jesu a re ho bona: Na ha le eso ho ka le bala Mangolong, ha ho thwe: Lejwe leo dihahi di le lahlileng, ke lona le fetohileng hlooho ya sekgutlo;
43Ka baka leo, ke re ho lona: Le tla amohuwa mmuso wa Modimo, o newe setjhaba se tla bea ditholwana tsa wona.
44Mang kapa mang ya welang hodima lejwe lena o tla robeha, empa mang kapa mang eo le mo welang, le tla mo sila.
45Yare ha baprista ba baholo le Bafarisi ba utlwa ditshwantsho tsa hae, ba lemoha hore o bua ka bona.
46Empa yare ha ba batla ho mo tshwara, ba tshaba letshwele, hobane le ne le mo nka e le moporofeta.

Currently Selected:

Mattheu 21: CSOB24

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in