YouVersion Logo
Search Icon

Mattheu 20

20
Mattheu 20
1Hobane mmuso wa mahodimo o tshwana le monga ntlo, ya ileng a tswa e sa le kameso ho ya thapa basebetsi tshimong ya hae ya merara.
2Eitse hobane a dumellane le basebetsi ka denare ka letsatsi, a ba romela tshimong ya hae ya merara.
3A tswa hoo e ka bang ka hora ya boraro, a bona ba bang ba eme lepatlelong la motse, ba sa etse letho.
4A re ho bona; Le lona eyang tshimong ya morara, mme ke tla le nea se lokileng. Mme ba tsamaya.
5A boela a tswa hape hoo e ka bang ka hora ya botshelela le ya borobong, a etsa jwalo.
6Yare ha e batla e eba hora ya leshome le motso o mong, a tswa, a fihlela ba bang ba eme, ba sa etse letho, a re ho bona: Le emetseng moo letsatsi lohle le sa etse letho?
7Ba re ho yena: Ke hobane ha ho motho ya re hirileng. A re ho bona: Le lona eyang tshimong ya merara; mme tsohle tse lokileng, le tla di amohela.
8Eitse ha e se e le mantsiboya, monga tshimo ya merara a re ho molebedi wa hae: Bitsa basebetsi, o ba nee moputso wa bona, o qale ka ba morao ho isa ho ba pele.
9Eitse ha ba etla ka hora ya leshome le motso o mong, e mong le e mong a amohela denare.
10Empa ha ba pele ba tla, ba lekanya hore ba tla newa ho fetisang; le bona ba amohela e mong le e mong denare,
11Eitse hobane ba e amohele, ba korotlela monga ntlo.
12Ba re: Bana ba morao ba sebeditse hora e le nngwe feela, mme o ba lekantse le rona ba jereng boima le mocheso wa letsatsi.
13Empa a araba e mong wa bona, a re: Motswalle, ha ke o fose; na ha o a dumellana le nna ka denare?
14Nka seo e leng sa hao, o ikele;
15Na ha ho lumelloe ke molao hore ke etse seo ke se ratang ka tsa ka? Na leihlo la hao le lebe, kahobane ke le molemo?
16Jwalokaha ba morao e tla ba ba pele, ba pele e tla ba ba morao;
17Yare ha Jesu a nyolohela Jerusalema, a nkela barutuwa ba leshome le metso e mmedi thoko tseleng, a re ho bona:
18Bonang, re nyolohela Jerusalema; mme Mora motho o tla neelwa baprista ba baholo le bangodi, mme ba tla mo ahlolela lefu;
19Ba tla nehelana ka yena ho baditjhaba hore ba mo some, le ho shapuwa, le ho mo thakgisa, mme ka letsatsi la boraro o tla tsoha.
20Jwale mma bana ba Sebedea a tla ho yena le bara ba hae, a kgumama, a kopa ntho e nngwe ho yena.
21A re ho yena: O batlang? A re ho yena: Etsa hore bara bana ba ka ba babedi ba dule mmusong wa hao, e mong ka letsohong la hao le letona, e mong ka ho le letshehadi.
22Empa Jesu a araba, a re: Ha le tsebe seo le se kopang. A le ka nwa senwelo seo ke tla se nwa, le ho kolobetswa ka kolobetso eo ke tla kolobetswa ka yona na? Ba re ho yena: Re ka kgona.
23A re ho bona: Efela le tla nwa senwelong sa ka, mme le tla kolobetswa ka kolobetso eo ke tla kolobetswa ka yona; ho bao ba di lokiseditsweng ke Ntate.
24Yare ha ba leshome ba utlwa hoo, ba halefela bara bao ba motho ba babedi.
25Jesu a ba biletsa ho yena, a re: Le a tseba hobane babusi ba ditjhaba ba di busa ka thata, mme ba baholo ba di laola.
26Empa ho se ke ha eba jwalo hara lona;
27Le fa e le mang yo o ratang go nna wa ntlha mo go lona, a a nne motlhanka wa lona.
28Jwalokaha Mora Motho a sa tlela ho sebeletswa, empa ho sebeletsa, le ho fana ka bophelo ba hae ho ba topollo ya ba bangata.
29Eitse ha ba tloha Jeriko, bongata bo boholo ba mo latela.
30Jwale, banna ba babedi ba difofu ba dutse pela tsela, ha ba utlwa hoba Jesu o a feta, ba howa, ba re: Morena, Mora Davida, re hauhele!
31Mme bongata ba ba kgalemela, hore ba homole; empa ba eketsa ho howa, ba re: Morena, Mora Davida, re utlwele bohloko!
32Jesu a ema, a ba bitsa, a re: Le rata ha ke le etsa jwang?
33Ba re ho yena: Morena, mahlo a rona a tle a tutubolohe.
34Jesu a ba utlwela bohloko, a ama mahlo a bona, mme mahlo a bona a phakisa a bona, mme ba mo latela.

Currently Selected:

Mattheu 20: CSOB24

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in