YouVersion Logo
Search Icon

DIKETSO 10

10
Petrose le Kornele
1Monna e mong o ne a le teng Sesaria, ya bitswang Kornele, e le molaodi wa ba lekgolo lebothong le bitswang la Italia. 2E ne e le morapedi ya tshabang Modimo, yena le lelapa la hae lohle, a etsetsa setjhaba sa Bajuda dithuso tse ngata, a rapela Modimo kamehla. 3Ha e batla e eba hora ya boraro motsheare wa mantsiboya, a bona ponong, ka mokgwa o hlakileng, lengeloi la Modimo le kena ka ho yena, le re: “Kornele!”
4A le tadima, a tshoha, mme a re: “Keng, Morena?”
La re ho yena: “Dithapelo le dithuso tsa hao ho mafutsana di amohelehile ho Modimo, mme o o hopotse. 5Jwale romela banna Jopo, o bitse Simone ya bitswang Petrose; 6ke moeti wa motho e mong, ya bitswang Simone, sesuhi sa matlalo, ya nang le ntlo pela lewatle.”
7Yare hoba lengeloi le buang le yena le tlohe, a bitsa bahlanka ba hae ba babedi le mohlabani e mong wa ba mo lebelang, ya hlomphang Modimo, 8a ba hlalosetsa tsohle tse etsahetseng, a nto ba roma Jopo.
9Ka la hosasane, ha bao ba ntse ba le tseleng, mme ba se ba atametse motse, Petrose a hlwella kahodima ntlo ho ya rapela; e ne e ka ba hara mpa ya motsheare. 10A lapa, a lakatsa ho ja. Yare ha ho ntse ho lokiswa dijo, a ba le pono. 11A bona lehodimo le bulehile, mme ho theoha ntho e nngwe e kang lesela le leholo, le lepelletswang fatshe le tshwerwe ka diqola tse nne. 12Ka ho lona ho ne ho ena le diphoofolo tsohle tse maotomane, dihahabi tsa lefatshe le dinonyana tse fofang. 13Lentswe la re ho yena: “Petrose, ema, o hlabe, o je!”
14Empa Petrose a re: “Tjhe, le kgale, Morena! Ha ke eso ka ke eja letho le ilehang, le sa hlwekang.”
15Lentswe la bua le yena kgetlo la bobedi, la re: “Tseo Modimo a di hlwekisitseng, wena o se ke wa re di a ileha.”
16Hona ha etsahala ka makgetlo a mararo, mme hanghang ntho eo ya nkelwa hape lehodimong.
17Yare ha Petrose a ntse a ipotsa hore na pono eo a e boneng e bolelang, banna ba romilweng ke Kornele, hoba ba batle, ba botse hore na ha Simone ke kae, ba fihla monyako. 18Ba howeletsa, ba botsa hore na ho na le moeti ya bitswang Simone Petrose moo.
19Ha Petrose a ntse a nahana ka pono eo, Moya wa re ho yena: “Bona, banna ba babedi ba a o batla. 20Ema he, o theohe, o ye le bona o sa qeaqee, hobane ba romilwe ke nna.”
21Petrose a theohela ho banna bao, a re: “Ke nna eo le mmatlang! Lebaka leo le tlileng ka lona ke lefe?”
22Ba re: “Molaodi wa lebotho la ba lekgolo, Kornele, monna ya lokileng, ya tshabang Modimo, ya pakwang ke setjhaba sohle sa Bajuda, o lemositswe ke lengeloi le halalelang, hore a o bitsetse ha hae, a tle a utlwe seo o tla mmolella sona.” 23Yare hoba a re ba kene, a ba amohela.
Ka la hosasane a itokisa, a ya le bona, mme badumedi ba bang ba Jopo ba mo felehetsa. 24Ka le hlahlamang a kena Sesaria. Kornele o ne a ba lebeletse, a bitsitse bang ka yena le metswalle ya hae ya hlooho ya kgomo. 25Yare ha Petrose a fihla, Kornele a mo kgahlanyetsa, a itihela maotong a hae, a kgumama. 26Empa Petrose a mo emisa, a re: “Ema; le nna ke motho.”
27Petrose a kena ha Kornele a ntse a buisana le yena, mme a fumana ho phuthehile batho ba bangata. 28A re ho bona: “Ha ke re le tseba kamoo ho sa dumellehang kateng hore monna wa Mojuda a tlwaelane le moditjhaba, kapa a mo tjhakele? Empa nna Modimo o mpontshitse hore ha ho motho ya ilehang kapa ya sa hlwekang. 29Ka baka leo, ke tlile ke se na pelaelo ha ke bitswa. Ha ho le jwalo, ke botsa hore na le mpitseditseng?”
30Kornele a re: “Maobeng, ha ke ne ke ntse ke rapela ka tlung ya ka, ka nako e ka bang yona ena, e leng hora ya boraro motsheare wa mantsiboya, monna ya apereng seaparo se hadimang, a ema kapele ho nna. 31Eaba o re: ‘Kornele, thapelo ya hao e utlwilwe, mme dithuso tsa hao ho mafutsana di hopotswe ke Modimo. 32Ka baka leo, romela Jopo, o bitse Simone ya bitswang Petrose: ke moeti ha Simone, sesuhi sa matlalo, ya ahileng pela lewatle.’ 33Ka hona ke ile ka romela ho wena ka potlako, mme o entse hantle ha o tlile. Jwale rona bohle re teng mona pela Modimo, ho utlwa tseo o di laetsweng ke Morena.”
Puo ya Petrose ha Kornele
34Petrose a bua, a re: “Kannete ke a hlokomela hore Modimo ha a ye ka tshobotsi, 35empa, ditjhabeng tsohle, ya mo tshabang, ya etsang toka, o a amoheleha ho yena. 36O ile a romela lentswe la hae ho bana ba Iseraele ka ho bolela molaetsa o molemo wa kgotso ka Jesu Kreste, eo e leng Morena wa bohle. 37Le tseba se etsahetseng Judea yohle, ho qala Galelea, kamora kolobetso e ileng ya phatlalatswa ke Johanne; 38kamoo Modimo a neng a tlotse Jesu wa Nasaretha kateng, ka Moya o Halalelang le ka matla. Jesu a tsamaya hohle a ntse a etsa tse molemo, a fodisa ba neng ba hateletswe ke Diabolosi, hobane Modimo o ne a ena le yena.
39“Re dipaki tsa dintho tsohle tseo a ileng a di etsa naheng ya Bajuda le Jerusalema; yena eo ba mmolaileng ka ho mo thakgisa sefapanong. 40Empa Modimo o ile a mo tsosa bafung ka letsatsi la boraro, mme a etsa hore a iponahatse, 41e seng ho batho bohle, empa ho dipaki tse kgethilweng ke Modimo e sa le pele, e leng rona ba ileng ba eja, ba enwa le yena kamora ho tsoha ha hae bafung. 42O ile a re laela ho phatlalletsa setjhaba le ho paka hore ke ya beilweng ke Modimo ho ba moahlodi wa ba phelang le ba shweleng. 43Baporofeta bohle ba a mo paka, ba re e mong le e mong ya dumelang ho yena o tla amohela tshwarelo ya dibe ka lebitso la hae.”
Baditjhaba ba amohela Moya o Halalelang
44Yare Petrose a sa ntse a bua mantswe ana, Moya o Halalelang wa theohela hodima bohle ba mametseng lentswe. 45Badumedi bohle ba bolotseng, e leng Bajuda, ba feleheditseng Petrose, ba hlollwa ha mpho ya Moya o Halalelang e theolelwa le ho baditjhaba, 46hobane ba ne ba utlwa ba bua dipuopuo, ba tlotlisa Modimo.
Jwale Petrose a re: 47“Na ho ka ba teng ya ka thibelang hore batho baa, ba amohetseng Moya o Halalelang jwaloka rona, ba kolobetswe ka metsi na?” 48A laela hore ba kolobetswe ka lebitso la Jesu Kreste. Yaba ba mo kopa hore a hlole le bona matsatsi a se makae.

Currently Selected:

DIKETSO 10: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in