YouVersion Logo
Search Icon

DIKETSO 9

9
Tshokoloho ya Saule
(Dik. 22:6-16; 26:12-18)
1Saule, a sa ntse a pipitlellane ke moya wa ho sokela le wa ho bolaya barutuwa ba Morena, a ya ho Moprista e Moholo. 2A kopa mangolo a yang Damaseka, matlung a thapelo, e le hore ha a ka fumana bao e leng ba Tsela ena ya Bokreste, leha e le banna kapa basadi, a ba tlame, a ba tlise Jerusalema. 3Ha a ntse a tsamaya, a se a le haufi le Damaseka, hanghang ha phatsima lesedi le tswang lehodimong, la mo teela hare. 4A wela fatshe, a utlwa lentswe le reng ho yena: “Saule! Saule! O ntlhorisetsang na?”
5A botsa, a re: “O mang, Morena?”
Lentswe la re: “Ke nna Jesu, eo o mo hlorisang, 6empa tsoha, o kene motseng, mme teng o tla bolellwa seo o lokelang ho se etsa.”
7Jwale banna ba tsamayang le yena ba ema tlekelele! kaha ba ne ba fela ba utlwile lentswe, empa ba sa bone motho. 8Saule a tsoha fatshe, mme ha a tutuboloha, o ne a se a sa bone. Ba mo tataisa ka letsoho, ba mo isa Damaseka. 9A qeta matsatsi a mararo a sa bone, a sa je, a sa nwe.
10Ho ne ho ena le morutuwa e mong Damaseka, ya bitswang Ananiase; Morena a mmolella ka pono, a re: “Ananiase!”
Yena a re: “Ke nna enwa, Morena!”
11Morena a re ho yena: “Ema, o ye seterateng se bitswang Se Otlolohileng, mme ka tlung ya Juda o batle monna ya bitswang Saule wa Tarasuse. Bona, o a rapela, 12mme ponong o bone monna ya bitswang Ananiase a kena, a mmea matsoho hore a tle a boele a bone.”
13Ananiase a araba, a re: “Morena, ke utlwile ka ba bangata kamoo monna eo a entseng tse ngata, tse mpe, ho badumedi ba hao ba Jerusalema, 14mme le mona o filwe matla ke baprista ba baholo, ho tlama bohle ba o rapelang.”
15Empa Morena a re ho yena: “Eya, hobane monna eo ke mohlanka eo ke mo kgethileng ho tsebisa baditjhaba, le dikgosi, le bana ba Iseraele lebitso la ka. 16Nna ke tla mmontsha tsohle, tseo eka kgonang a di hlokofaletswe ka baka la lebitso la ka.”
17Ananiase a ya, a kena ka tlung eo, a mmea matsoho, a re: “Saule ngwaneso, Morena, e leng Jesu ya ileng a iponahatsa ho wena tseleng eo o neng o etla ka yona, o nthomile hore o tle o boele o bone, o be o tlale Moya o Halalelang.” 18Hanghang mahlong a hae ha wa ho kang makgekgebu, mme a boela a bona. A ema, a kolobetswa. 19Yare hoba a je, a boela a matlafala.
Saule o ruta motseng wa Damaseka
Saule a hlola nakwana le barutuwa ba leng Damaseka, 20mme kapelepele a phatlalatsa matlung a thapelo hore Jesu ke Mora wa Modimo. 21Bohle ba mo utlwang ba makala, ba re: “Na eo hase yena ya ileng a fedisa bohle ba rapelang Jesu, Jerusalema, ya bileng a tlileng moo ka hona hoo, hore a ba tlame, a ba ise ho baprista ba baholo na?” 22Empa Saule yena a eketsa ho ipha matla le ho ferekanya Bajuda ba ahileng Damaseka, ka ho ba bontsha hore Jesu ke yena Mesia.
Saule o phonyoha ho Bajuda
23Ha ho fetile matsatsi a mangata, Bajuda ba rera ho bolaya Saule, 24empa morero oo wa bona a o tseba. Bosiu le motsheare ba lebela dikgoro tsa motse, hore ba tle ba mmolaye, 25empa bosiu barutuwa ba hae ba mo nka, ba mo ntsha le lerakong la motse ka ho mo lepeletsa a le ka sesiung.
Saule o etela Jerusalema
26Yare hoba Saule a fihle Jerusalema, a leka ho ikopanya le barutuwa, empa bohle ba ne ba mo tshaba, ba sa dumele hore ke morutuwa. 27Baranabase a mo nka, a mo isa ho baapostola, mme a ba hlalosetsa kamoo Saule a ileng a bona Morena kateng tseleng, le hore o ile a bua le yena, le kamoo a ileng a bua kateng phatlalatsa Damaseka ka lebitso la Morena. 28Jwale a tsamaya a ena le bona Jerusalema yohle, a bua phatlalatsa ka lebitso la Morena. 29O ne a bua, a phehisana kgang le Bajuda ba buang Segerike, mme ba leka ho mmolaya. 30Ha badumedi ba tsebile, ba mo theolela Sesaria, ba mo romela Tarasuse.
31Kereke ya eba le kgotso Judea yohle, le Galelea, le Samaria; ya bopeha, ya phela ka ho tshaba Morena, mme ya anafala ka kgothatso ya Moya o Halalelang.
Enea o a fodiswa
32Petrose o ne a tsamaya hohle, mme ka mohlomong a theoha ho ya bona le badumedi ba ahileng Lida. 33Teng a fumana monna e mong ya bitswang Enea, ya neng a qetile dilemo tse robedi a robetse diphateng, a shwele ditho. 34Petrose a re ho yena: “Enea, Jesu Kreste o a o fodisa; tsoha o alole diphate tsa hao.” A tsoha hanghang. 35Baahi bohle ba Lida le Sarone ba mmona, mme ba sokolohela ho Morena.
Dorokase o tsoswa bafung
36Motseng wa Jopo ho ne ho ena le morutuwa ya bitswang Tabitha, e leng ho re Dorokase. Mosadi enwa o ne a etsa mesebetsi e mengata, e molemo, a etsetsa le mafutsana dithuso tse ngata. 37Matsatsing wona ao a kula, mme a shwa. Hoba a hlatsuwe, a bewa kamoreng e kahodimo. 38Kaha Lida e le haufi le Jopo, barutuwa ha ba utlwa hore Petrose o Lida, ba roma banna ba babedi ho yena, ba mo rapela, ba re: “O se ke wa dieha ho tla ho rona.”
39Petrose a ema, a ya le bona. Ha a fihla, ba mo isa kamoreng e kahodimo, mme bahlolohadi bohle ba mo teela hare ba ntse ba lla, ba mmontsha mefuta ya diaparo eo Dorokase a neng a di etse ha a sa ntse a phela.
40Hoba Petrose a ntshetse bohle kantle, a kgumama, a rapela; a ntano retelehela setopong, a re: “Tabitha, tsoha!” Tabitha a tutuboloha, mme ha a bona Petrose, a dula. 41Petrose a mo tshwara ka letsoho, a mo emisa; yare hoba a bitse badumedi le bahlolohadi, a mo hlahisa ho bona a phela. 42Taba ena ya tsejwa hohle Jopo, mme ba bangata ba dumela ho Morena. 43Petrose a hlola Jopo matsatsi a mangata, ha motho e mong ya bitswang Simone, sesuhi sa matlalo.

Currently Selected:

DIKETSO 9: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in