YouVersion Logo
Search Icon

DIKETSO 11

11
Petrose o behela kereke e Jerusalema
1Baapostola le badumedi ba neng ba le Judea ba utlwa hore le baditjhaba ba amohetse lentswe la Modimo. 2Yare ha Petrose a nyolohetse Jerusalema, ba bolotseng, e leng Bajuda, ba mo tsekisa, 3ba re: “O kene ha banna ba maqai, wa ja le bona!”
4Petrose a qala ho ba qaqisetsa tsohle ka ho hlahlamana, a re: 5“Ke ne ke rapela ke le motseng wa Jopo, mme ka bona pono. Ha theoha ntho e nngwe e kang lesela le leholo le tswang lehodimong, le lepeletswang, le tshwerwe ka diqola tse nne, mme ya tla ho nna. 6Ha ke tadimisisa ka ho yona, ka bona diphoofolo tsa lefatshe tse maotomane, le dibatana, le dihahabi, le dinonyana tse fofang. 7Ka utlwa le lentswe le re ho nna: ‘Petrose, ema, o hlabe, o je!’
8“Yaba ke re: ‘Tjhe, le kgale, Morena! Hobane ka hanong la ka ha ho eso ka ho kena letho le ilehang, kapa le sa hlwekang.’
9“Lentswe le tswang lehodimong la bua kgetlo la bobedi, la re: ‘Tseo Modimo a di hlwekisitseng, o se ke wa re di a ileha.’ 10Hona ha etsahala ka makgetlo a mararo, yaba tsohle di nkelwa hape lehodimong.
11“Bonang, hanghang ha fihla banna ba bararo tlung eo ke neng ke le ka ho yona, ba romilweng ho nna, ba etswa Sesaria. 12Moya wa re ho nna ke tsamaye le bona ke sa qeaqee ka letho. Le bana beso bana ba tsheletseng ba ya le nna, mme ra kena ka tlung ya monna eo. 13A re tsebisa kamoo a ileng a bona lengeloi le eme ka tlung ya hae kateng, le re: ‘Romela Jopo, o bitse Simone ya bitswang Petrose. 14O tla o bolella mantswe a tla o pholosa, wena le lelapa la hao lohle.’
15“Yare ke sa qala ho bua, Moya o Halalelang wa theohela hodima bona, jwaloka ho rona, qalehong. 16Jwale ka hopola polelo ya Morena, kamoo a itseng kateng: ‘Johanne o fela a kolobeditse ka metsi, empa lona le tla kolobetswa ka Moya o Halalelang.’ 17Ka baka leo, ha Modimo a ba neile mpho e lekanang le eo a e neileng rona ba dumelang ho Morena Jesu Kreste, nna ke ne ke le mang nka thibelang Modimo?”
18Yare ha ba utlwa tsena, ba thola. Jwale ba tlotlisa Modimo, ba re: “Efela le baditjhaba Modimo o ba neile pako e isang bophelong.”
Kereke e Antiokia
19Badumedi ba neng ba qhalantswe ke tlhoriso e bileng teng ho Setefane, ba fetela Fenisia, le Sipera, le Antiokia, ba sa bolelle motho lentswe la Modimo, haese Bajuda feela. 20Empa ba bang ba bona e ne e le matswallwa a Sipera le ba Sirene, bao eitseng ha ba fihla Antiokia ba bua le bahedene, ba ba ruta molaetsa o molemo wa Jesu Kreste. 21Letsoho la Morena le ne le ena le bona, mme palo e kgolo ya ba dumelang ya sokolohela ho Morena.
22Jwale taba ena ya fihla tsebeng tsa kereke, Jerusalema, mme ba romela Baranabase, Antiokia. 23Ha a fihla, mme a bona mohau wa Modimo, a thaba, a kgothaletsa bohle hore ba kgomarele Morena ka pelo tse tiileng, 24kahobane e ne e le monna ya molemo, ya tletseng Moya o Halalelang le tumelo. Yaba letshwelehadi le sokolohela ho Morena.
25Jwale Baranabase a ya Tarasuse ho ya batla Saule, 26mme hoba a mo fumane, a mo tlisa Antiokia. Ha fela selemo se tletseng ba ntse ba phutheha le kereke, ba ruta letshwelehadi. Ke hona Antiokia moo barutuwa ba qadileng ho bitswa Bakreste teng.
27Matsatsing ao baporofeta ba bang ba theoha Jerusalema, ba ya Antiokia. 28E mong wa bona ya bitswang Agabuse, a ema, a dupa ka Moya o Halalelang hore ho se ho tla ba le tlala e kgolo lefatsheng lohle; ya fela ya eba teng mehleng ya ha ho ne ho busa Tlelaudiose. 29Yaba barutuwa ba rera ho romela dithuso ho badumedi ba ahileng Judea, ho ya kamoo e mong le e mong wa bona a ka kgonang kateng. 30Ba fela ba etsa jwalo, ba di romela ho baholo ka Baranabase le Saule.

Currently Selected:

DIKETSO 11: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in