YouVersion Logo
Search Icon

DIPESALEME 99

99
Thoko ya ya halalehileng hararo.
1Jehova o a busa, merabe e a thothomela; o dutse hodima dikerubime, lefatshe le a thekesela. 2Jehova o moholo Sione, o phahametse ditjhaba kaofela. 3A ba ke ba rorise lebitso la hao le leholo, le tshabehang, hobane le a halalela. 4Ke wena o leng matla a morena ya ratang toka, o a tiisitse ho lokeng. O hlahisitse ho loka le tokelo ho Jakobo. 5Rorisang Jehova, Modimo wa rona, le kgumame pela bonamelo ba maoto a hae, hobane o a halalela.
6Moshe le Aarone, baprista ba hae, le Samuele, e mong wa ba neng ba rapela lebitso la hae, ba nna ba rapela Jehova, mme a ba utlwa. 7A nna a bua le bona a le topallong ya leru, mme ba boloka ditaelo tsa hae, le molao oo a neng a ba neile wona. 8Jehova, Modimo wa rona, o nnile wa ba utlwa; o bile ho bona Modimo o tshwarelang, leha o ne o pheteletsa diketso tsa bona. 9Rorisang Jehova, Modimo wa rona, le kgumame thabeng ya hae e halalelang; hobane Jehova, Modimo wa rona, o a halalela!

Currently Selected:

DIPESALEME 99: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

Video for DIPESALEME 99