YouVersion Logo
Search Icon

DIPESALEME 100

100
Lefatshe lohle le memuwa hore le sebeletse Modimo wa nnete.
Pesaleme ya diteboho.
1Phahamisetsang ho Jehova mehoo ya lona ya thabo, lona kaofela ba lefatsheng! 2Sebeletsang Jehova ka nyakallo, le itlhahise pela sefahleho sa hae ka dipina! 3Le tsebe hobane Jehova ke Modimo! Ke yena ya re entseng, mme re ba hae, re setjhaba sa hae, re mohlape o aloswang ke yena. 4Kenang dikgorong tsa hae ka diteboho, le mabaleng a hae ka dithoko! Mo leboheng, le rorise lebitso la hae! 5Hobane Jehova o molemo, mohau wa hae o hlola ka ho sa yeng kae, le botshepehi ba hae melokong le melokong.

Currently Selected:

DIPESALEME 100: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

Video for DIPESALEME 100