YouVersion Logo
Search Icon

DIPESALEME 119

119
Thoriso ya lentswe la Modimo.
1ALEF. Ho lehlohonolo bao metsamao ya bona e tshepehang, ba yang ka molao wa Jehova! 2Ho lehlohonolo ba bolokang dikeletso tsa hae, ba mmatlang ka pelo yohle ya bona, 3ba sa etseng bokgopo, ba mpang ba tsamaya ditseleng tsa hae! 4O re laetse ditemoso tsa hao hore re nne re di boloke haholoholo! 5Oho! metsamao ya ka a e ke e tiiswe, ke tle ke boloke dikomelo tsa hao, 6ke moo nke keng ka swaba ha ke nahana ditaelo tsa hao tsohle. 7Ke tla o roka ka pelo e lokileng, ha ke ntse ke ithuta dikahlolo tsa ho loka ha hao. 8Ke rata ho boloka dikomelo tsa hao: o se ke wa ntlohella ruri!
9BETH. Mohlankana o tla hlwekisa metsamao ya hae jwang? Ke ha a e ela hloko ka ho e bapisa le lentswe la hao. 10Ke o batla ka pelo ya ka yohle; o etse hore ke se ke ka kgeloha ditaelo tsa hao. 11Ke boloka lentswe la hao ka pelong ya ka, hore ke se ke ka o sitelwa. 12O bokwe, Jehova! Nthute dikomelo tsa hao! 13Melomo ya ka e ntse e pheta dikahlolo tsohle tse tswileng molomong wa hao. 14Ke ithabela tseleng ya dikeletso tsa hao, jwaloka hoja eka ke ruile maruo kaofela. 15Ke rata ho nahana ditemoso tsa hao, le ho bea ditsela tsa hao pela mahlo a ka. 16Ke ithabisa ka dikomelo tsa hao, ha ke lebale lentswe la hao.
17GIMEL. O etse mohlanka wa hao hantle, ke tle ke phele, ke boloke lentswe la hao. 18O tutubolle mahlo a ka, ke tle ke bohisise mehlolo e patilweng molaong wa hao. 19Ke osele lefatsheng, o se ke wa mpatela ditaelo tsa hao. 20Moya wa ka o robehile ke ho hlolohelwa ditaelo tsa hao kamehla. 21O laya baikakasi, e leng batho ba rohakilweng, ba fapohang ditaelo tsa hao. 22O ke o tlose sekgobo le nyediso ho nna, kahobane ke boloka dikeletso tsa hao! 23Esita le marena a dutse ho rera morero wa ho ntwantsha; mohlanka wa hao o nahana dikomelo tsa hao. 24Dikeletso tsa hao le tsona ke menyaka ya ka le baeletsi ba ka.
25DALETH. Moya wa ka o maname leroleng; ako mphedise ka lentswe la hao! 26Ke o tsebisitse ditsela tsa ka, mme o nkutlwile; o nthute dikomelo tsa hao! 27O ntshenolele tsela ya ditemoso tsa hao, mme ke tla nahanisisa mehlolo ya hao! 28Moya wa ka o lliswa ke ho hlomoha; o ntsose ka lentswe la hao! 29O ntshesefise tsela ya leshano, o mphe ho tseba molao wa hao! 30Ke ikgethetse tsela ya nnete, ke pheheletse ho bea molao wa hao pela mahlo a ka. 31Ke kgomaretse dikeletso tsa hao: Jehova, etsa hore ke se ke ka hlabiswa dihlong! 32Ke tla matha tseleng ya ditaelo tsa hao, ha o se o habolotse pelo ya ka.
33HE. Jehova, o nthute tsela ya dikomelo tsa hao, ke tle ke tsamaye ka yona ho isa qetellong! 34Mphe kutlwisiso, ke tle ke boloke molao wa hao, ke etse ka wona ka pelo ya ka yohle. 35O ntsamaise ka tsela ya ditaelo tsa hao, hobane ke ithabisetsa tsona. 36Nthute ho sekehela dikeletso tsa hao pelo, e seng leratong la ho rua. 37O furallise mahlo a ka tadimong ya lefeela, o ntlhabollele ditseleng tsa hao. 38O tiiseletse mohlanka wa hao pallo ya hao e etseditsweng ba o tshabang. 39Suthisetsa sekgobo seo ke se tshabang hole le nna, hobane dikahlolo tsa hao di tletse molemo. 40Bona, ke hlolohetswe ditemoso tsa hao; o mphedise ka ho loka ha hao!
41VAU. Mehauhelo ya hao e ke e finyelle ho nna, Jehova, le poloko ya hao, ka pallo ya hao! 42Ke tle ke tsebe ho fetola ya nkgobang, hobane ke itshepetse lentswe la hao. 43O se ke wa tlosa puo ya nnete molomong wa ka le ka mohla o le mong, hobane ke lebeletse dikahlolo tsa hao. 44Ke tla boloka molao wa hao kamehla, le ka ho sa yeng kae, le ka ho sa feleng; 45ke tla tsamaya tseleng e ahlameng, hobane ke batla ditemoso tsa hao. 46Ke tla bolela dikeletso tsa hao pela marena, mme nke ke ka ba le dihlong. 47Ke tla ithabisa ka ditaelo tsa hao, tseo ke di ratang; 48ke tla emisetsa ditaelo tsa hao matsoho a ka, hobane ke a di rata, ke nahane dikomelo tsa hao.
49ZAIN. O elellwe pallo ya hao ho mohlanka wa hao, eo ke tshepisitsweng ka yona! 50Tshediso ya ka bomadimabeng ba ka, ke hobane se boletsweng ke wena se mphedisitse. 51Baikakasi ba tsheha ka nna haholoholo, empa ha ke kgelohe molao wa hao. 52Jehova, ke elellwa dikahlolo tsa hao tsa kgale, ke a itshedisa. 53Pelo ya ka e tshwarwa ke ho phophoma, ha ke bona ba babe ba tlohela molao wa hao. 54Dikomelo tsa hao di hlahisa dipina tsa ka ka tlung ya boeti ba ka. 55Ka bosiu, ke hopola lebitso la hao, Jehova, ke boloka molao wa hao. 56Se ntokelang, ke hore ke boloke ditemoso tsa hao.
57KHETH. Jehova ke kabelo ya ka; ke re ke tla boloka mantswe a hao. 58Ke batlile sefahleho sa hao ka pelo yohle ya ka; o nkgauhele ka pallo ya hao. 59Ke nahana metsamao ya ka, ke lebisetsa maoto a ka dikeletsong tsa hao. 60Ke a phakisa, ha ke diehe ho boloka ditaelo tsa hao. 61Meqetjhe ya ba babe e nteetse hare; empa ha ke lebale molao wa hao. 62Ke tsoha bosiu bo boholo ho o rorisa, bakeng sa dikahlolo tsa ho loka ha hao. 63Ke tlwaelane le bohle ba o tshabang, le ba bolokang ditemoso tsa hao. 64Jehova, lefatshe le tletse mohau wa hao; o nthute dikomelo tsa hao!
65TETH. Jehova, o etsetsa mohlanka wa hao molemo kamoo o mmaletseng kateng. 66O nthute kutlwisiso e ntle le tsebo, hobane ke dumetse ditaelo tsa hao. 67Ha ke ne ke eso ho kokobetswe, ka na ka kgeloha; empa jwale, ke ela lentswe la hao hloko. 68O molemo, o a fana; o nthute dikomelo tsa hao. 69Baikakasi ba nketselletsa ka leshano; empa nna, ke boloka ditemoso tsa hao ka pelo ya ka yohle. 70Pelo tsa bona di nonne mafura; nna, ke ithabisa ka molao wa hao. 71Ho molemo ho nna ha ke bile ka kokobetswa, ke tle ke ithute ho mamela dikomelo tsa hao. 72Molao o tswileng molomong wa hao ho nna o fetisa dikete tsa ditjhelete tsa kgauta le silefera.
73JOD. Diatla tsa hao di nkentse, ka bopjwa ke tsona; o mphe kutlwisiso, ke tle ke ithute ditaelo tsa hao. 74Ba o tshabang, ha ba mpona, ba thaba, hobane ke tshepile pallo ya hao. 75Jehova, ke a tseba hore dikahlolo tsa hao di lokile, le hore o ntse o tshepeha, leha o nkokobeditse. 76Mohau wa hao a o be tshediso ya ka, kamoo o baletseng mohlanka wa hao kateng! 77Mehauhelo ya hao a e ke e ntlele, ke tle ke phele! hobane molao wa hao o a nthabisa. 78Baikakasi a ba ke ba hlajwe ke dihlong, hobane ba ntuba feela! Haele nna, ke ntse ke nahana ditemoso tsa hao. 79Ba o tshabang a ba ke ba kgutlele ho nna, mme ba tla tseba dikeletso tsa hao! 80Pelo yohle ya ka a e ke e ineele dikomelo tsa hao, hore ke se ke ka hlabiswa dihlong.
81KAF. Moya wa ka o labalabela poloko ya hao; ke ntse ke lebeletse pallo ya hao. 82Mahlo a ka a ebile ke ho lebella pallo ya hao, mme ke re: O tla ntshedisa neng? 83Hobane ke jwaloka lekuka le omeletseng mosing wa leifo; empa ha ke lebale dikomelo tsa hao. 84Na matsatsi a mohlanka wa hao a sa tla ba makae? O tla ntokisetsa neng ho bahlorisi ba ka? 85Baikgohomosi ba ntjhekela mamena, e leng ba sa yeng ka molao wa hao. 86Ditaelo tsa hao kaofela ke nnete. Ba ntlhorisa feela; o ke o nthuse! 87Ba batlile ho ntimetsa, ba ne ba se ba nthapaladitse fatshe; empa ha ke tlohele ditemoso tsa hao. 88O mphedise ka mohau wa hao, ke tle ke boloke dikeletso tsa molomo wa hao!
89LAMED. Jehova, lentswe la hao le hlola mahodimong ka ho sa feleng; 90botshepehi ba hao bo hlola ditloholong le ditloholwaneng. O theile lefatshe, mme le tiile; 91le kajeno, tsohle di sa ntse di eme ka melao ya hao, hobane dintho tsohle di tlasa hao. 92Hola molao wa hao o sa ka wa nthabisa, nka be ke fedile bomadimabeng ba ka. 93Nke ke ka lebala ditemoso tsa hao le ka mohla o le mong, hobane o mphedisitse ka tsona. 94Ke wa hao; o ntopolle! etswe ke batla ditemoso tsa hao. 95Ba babe ba ntaletse ho ntimetsa; ke mpa ke ela dikeletso tsa hao hloko. 96Ke bone bofelo ho dintho tsohle tse phethehileng, empa taelo tsa hao ha di na moo di kgutlang teng.
97MEM. Molao wa hao ke o rata hakakang! Ke o nahana tsatsi lohle. 98Ditaelo tsa hao di ntlhalefisa haholo ho fetisa dira tsa ka, hobane di na le nna kamehla. 99Ke na le kutlwisiso e fetisang ya ba nthutang kaofela, hobane dikeletso tsa hao ke nahano ya ka. 100Ke fetisa ba hodileng ka kutlwisiso, kahobane ke boloka ditemoso tsa hao. 101Ke faposa leoto la ka tseleng tsohle tse mpe, ke tle ke boloke lentswe la hao. 102Ha ke fapohe ditaelo tsa hao, kahobane ke wena ya nthutang. 103Lentswe la hao le monate hakakang mahalapeng a ka, le fetisa dinotshi molomong wa ka. 104Ke fihlela kelello ditemosong tsa hao, ke hloile ditsela tsohle tsa leshano ke hona.
105NUN. Lentswe la hao ke lebone la maoto a ka, ke lesedi tseleng ya ka. 106Ke hlapantse, mme ke tla tiisa, ke itse, ke tla ya ka dikahlolo tse lokileng tsa hao. 107Jehova, ke hlomohile haholo; o ke o mphedise kamoo lentswe la hao le boletseng kateng. 108Jehova, ako amohele nyehelo ya ho rata, eo ke o beelang yona ka molomo wa ka, o nthute melao ya hao. 109Bophelo ba ka bo beetswe ho timela ka matsatsi wohle; empa ha ke lebale molao wa hao. 110Ba babe ba ntjhekela mamena, empa ha ke kgelohe ditemoso tsa hao. 111Ke inketse dikeletso tsa hao, e be lefa la ka ka ho sa yeng kae, hobane di thabisa pelo ya ka. 112Ke sekamisitse pelo ya ka, e tle e ye ka dikomelo tsa hao kamehla, ho isa qetellong.
113SAMEK. Ke hloile mehopolo e dikadikang, empa ke rata molao wa hao. 114O setshabelo sa ka le thebe ya ka; ke lebeletse pallo ya hao. 115Suthelang hole le nna, lona ba bolotsana, ke tle ke boloke ditaelo tsa Modimo wa ka! 116O ntiise ka pallo ya hao, ke tle ke phele, o se ke wa ntshwabisa tshepong ya ka! 117O nkotle, ke tle ke bolokehe, dikomelo tsa hao di be pela mahlo a ka kamehla! 118O lahla bohle ba kgelohang dikomelo tsa hao, hobane ho thetsa ha bona ke lefeelafeela. 119O tlosa ba babe kaofela lefatsheng jwaloka lefilo; ke ka baka leo ke ratang dikeletso tsa hao. 120Mmele wa ka o tlakasela ke ho o tshaba; ke tshaba dikahlolo tsa hao.
121AIN. Ke ya ka molao le ka ho loka; o se ke wa nneela batubi ba ka; 122o emele mohlanka wa hao ho mmoloka! Baikakasi ba se ke ba ntuba! 123Mahlo a ka a idiballa poloko ya hao le pallo e lokileng ya hao. 124O etse ho mohlanka wa hao ka mohau wa hao, o nthute dikomelo tsa hao. 125Ke mohlanka wa hao, o mphe kutlwisiso, ke tle ke tsebe dikeletso tsa hao. 126E se e le nako ya hao ya ho sebetsa, Jehova, hobane ba fedisitse molao wa hao. 127Ka baka leo, ke rata ditaelo tsa hao ho fetisa kgauta, le kgauta e tshekehileng. 128Ka baka leo, ke ntse ke fihlela hoba ditemoso tsa hao di lokile nthong tsohle; mme ke hloile ditsela tsa leshano kaofela.
129PE. Dikeletso tsa hao di a makatsa, moya wa ka o di boloka ke hona. 130Tshenolo ya mantswe a hao e a edisa, e nea dithoto kutlwisiso. 131Ke ahlamisa molomo wa ka, ke sisa pelo; hobane ke jewa ke takatso ya ditaelo tsa hao. 132O retelehele ho nna, o nkutlwele bohloko ka mokgwa wa hao oo o etsang ba ratang lebitso la hao ka wona! 133O tiise maoto a ka lentsweng la hao, o se ke wa lesa bokgopo leha bo le bong bo mpuse! 134O ntopolle botubong ba batho, ke tle ke boloke ditemoso tsa hao! 135O edisetse sefahleho sa hao ho mohlanka wa hao, o nthute dikomelo tsa hao. 136Diphororo tsa metsi di keleketla mahlong a ka, hobane ha ba boloke molao wa hao!
137TSADE. O lokile, Jehova; dikahlolo tsa hao le tsona di lokile; 138o laetse dikeletso tsa hao ka ho loka le ka botshepehi bo boholo. 139Tjheseho ya ka e ntjele, kahobane dira tsa ka di lebetse mantswe a hao. 140Lentswe le hao le hlwekile ka ho fetisa, le ratwa ke mohlanka wa hao. 141Ke monyenyane, ke a eiswa; leha ho le jwalo, ha ke lebale ditemoso tsa hao. 142Ho loka ha hao ke ho loka ho sa feleng; molao wa hao ke nnete. 143Ke tshwerwe ke matswalo le tsieleho; leha ho le jwalo, ditaelo tsa hao ke menyaka ya ka. 144Ho loka ha dikeletso tsa hao ke ho sa feleng; u mphe kutlwisiso, ke tle ke phele!
145KOF. Ke bitsa ho wena ka pelo ya ka yohle: o nkarabe Jehova, ke tle ke boloke dikomelo tsa hao! 146Ke bitsa ho wena, o ke o mpholose, ke tle ke boloke dikeletso tsa hao! 147Ke raka mafube, ke a howa; ke ntse ke lebeletse dipallo tsa hao. 148Mahlo a ka a raka dinako tsa tebelo ya bosiu ho nahana lentswe la hao. 149Jehova, utlwa lentswe la ka ka mohau wa hao! O mphedise ka kahlolo ya hao! 150Ba latelang bobe ba atametse, ba ntse ba emela hole le molao wa hao; 151empa, wena, Jehova, o haufi; ditaelo tsa hao kaofela ke nnete. 152E se e le kgale ke tsebile ka dikeletso tsa hao hore o di tiisitse, di tle di be teng ka ho sa yeng kae.
153RESH. Tadima bomadimabe ba ka, o ntopolle! hobane ha ke lebale molao wa hao. 154O emele nyewe ya ka, mme o ntopolle! o mphedise ka pallo ya hao! 155Poloko e hole le ba babe; hobane ha ba hlokomele dikomelo tsa hao. 156Mehauhelo ya hao, Jehova, e meholo; o ke o mphedise ka dikahlolo tsa hao! 157Bahlorisi le batubi ba ka ba bangata; empa ha ke a ka ka kgeloha dikeletso tsa hao. 158Ke nyonyiswa ke ba sa tshepehang, hobane ha ba boloke lentswe la hao. 159Jehova, o elellwe hoba ke rata ditemoso tsa hao; o mphedise ka mohau wa hao! 160Kakaretso ya lentswe la hao ke nnete, dikahlolo kaofela tsa ho loka ha hao ke tse sa feleng.
161SHIN. Marena a ntlhorisa feela; empa pelo ya ka e thothometswa ke mantswe a hao feela. 162Ke ithabisa ka lentswe la hao, jwaloka motho ya ithabisang ka kgapo e kgolo. 163Ke hloile, ke nyonya leshano; empa ke rata molao wa hao. 164Ke o rorisa hasupa ka letsatsi, ka baka la dikahlolo tsa ho loka ha hao. 165Ba ratang molao wa hao ba na le kgotso e kgolo, ha ho kgopiso ho bona. 166Jehova, ke lebeletse poloko ya hao, ke ntse ke ya ka ditaelo tsa hao. 167Moya wa ka o boloka dikeletso tsa hao, ke di rata ka ho fetisisa. 168Ke ntse ke etsa ka ditemoso le ka dikeletso tsa hao, hobane metsamao ya ka kaofela e pela mahlo a hao.
169THAU. Jehova, mehoo ya ka a e ke e finyelle ho wena! O mphe kutlwisiso ka pallo ya hao. 170Thapelo ya ka a e ke e fihle pela hao! o mpoloke ka pallo ya hao. 171Melomo ya ka a e ke e tswe thoko, hobane o nthuta dikomelo tsa hao. 172Leleme la ka a le rorise lentswe la hao, hobane ditaelo tsa hao kaofela ke ho loka. 173Letsoho la hao a le ke le nthuse, hobane ke ikgethetse ditemoso tsa hao. 174Jehvoa, ke hlolohetswe poloko ya hao, mme molao wa hao ke dithabiso tsa ka. 175Moya wa ka a o ke o phele, o o rorise, mme u nthuse ka dikahlolo tsa hao! 176Ke ntse ke phaila jwaloka nku e lahlehileng; o ke o batle mohlanka wa hao, hobane ha ke lebale ditaelo tsa hao.

Currently Selected:

DIPESALEME 119: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in