YouVersion Logo
Search Icon

DIPESALEME 118

118
Sefela sa mohla ho kgakotsweng tempele e ntjha.
1Rokang Jehova, hobane o molemo, etswe mohau wa hae o hlola ka ho sa feleng. 2Iseraele a ke a re: Efela mohau wa hae o hlola ka ho sa feleng! 3Ntlo ya Aarone e ke e re: Efela mohau wa hae o hlola ka ho sa feleng! 4Ba tshabang Jehova ba ke ba re: Efela mohau wa hae o hlola ka ho sa feleng!
5Ha ke ne ke le matswalong, ka rapela Jehova, mme Jehova a nkutlwa, a nketsetsa sebaka. 6Jehova o nkemetse; ha ke tshabe letho, motho a ka nketsang? 7Jehova o a nkemela, ke e mong wa ba nthusang, mme ba ntlhoyang ba tla thabisa mahlo a ka. 8Ho balehela ho Jehova ke molemo o fetisang wa ho itshepela batho; 9ho balehela ho Jehova ke molemo o fetisang wa ho itshepela marena.
10Ditjhaba kaofela leha di ka mpokanela, ruri, ka lebitso la Jehova, ke tla di qhalanya! 11Leha di ka mpokanela, ruri, ka lebitso la Jehova, ke tla di qhalanya! 12Leha di ka mpokanela jwaloka dinotshi, di tla tingwa jwaloka mollo wa meutlwa. Ruri, ka lebitso la Jehova, ke tla di qhalanya. 13O ratile ho nthapalatsa ka ho ntshusumetsa, empa Jehova e bile thuso ya ka. 14Jehova ke matla a ka le pina ya ka; ebile ke yena poloko ya ka.
15Mehoo ya dipina tsa hlolo le tsa topollo di duma ditenteng tsa ba lokileng, ba re: Letsoho le letona la Jehova le bonahaditse matla a lona; 16letsoho le letona la Jehova le phahamile, letsoho le letona la Jehova le bonahaditse matla a lona.
17Nke ke ka shwa, empa ke tla phela, ke bolele diketso tsa Jehova. 18Jehova o ne a nkotle hathata; empa ha a ka a nneela lefu. 19Mpuleleng menyako ya ho loka; ke tla kena ka yona, ke roke Jehova. 20Ke wona monyako wa Jehova; ba lokileng ba tla kena ka wona. 21Ke a o leboha, hobane o nkutlwile, e bile ke wena poloko ya ka.
22Lejwe le lahlilweng ke bahahi, le fetohile lejwe la ntlha, la motheo. 23Hoo ho entswe ke Jehova; ke mehlolo mahlong a rona. 24Ke lona leo letsatsi le entsweng ke Jehova; a re thabeng, re be re nyakalle ka lona.
25Oho Jehova, ke a o rapela, o boloke! Oho Jehova, ke a o rapela, o hlohonolofatse. 26Ho hlohonolofale ya tlang ka lebitso la Jehova! Re a le hlohonolofatsa, rona ba ntlo ya Jehova. 27Jehova ke Modimo, mme ke yena ya re bonesang. Tshwarang kgomo ya sehlabelo ka marapo, le e tlise manakeng a aletare! 28O Modimo wa ka, ke o roka ke hona; o Modimo wa ka, ke a o rorisa.
29Rokang Jehova, hobane o molemo, etswe mohau wa hae o hlola ka ho sa feleng.

Currently Selected:

DIPESALEME 118: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in