YouVersion Logo
Search Icon

JOBO 9

9
Jobo o boela a ikarabela.
1Yaba Jobo o fetola, a re: 2Ke tseba ruri hobane ho dutse jwalo; motho ya shwang a ka loka jwang pela Modimo? 3Le hoja a ka rata ho tseka le wona, a ke ke a ikarabella tabeng e le nngwe ho tse sekete. 4Kelellong o bohlale, matleng o matla ho fetisa; ke mang ya ka hanyetsanang le wona, a pholoha? 5O tshoha o suthisa dithaba, o di heletsa kgalefong ya wona. 6O sisinya lefatshe motheong wa lona, ditshiya tsa lona di a tlakasela. 7O laela letsatsi hore le se ke la tjhaba, o sirela dinaledi ka tiiso ya wona. 8O adile mahodimo o nnotshi; o tsamaya diphahameng tsa lewatle. 9O entse Koloi, le Makolobe, le Selemela, le maseberwana a ka nqa borwa. 10O etsa dintho tse kgolo, tse sa fihlelweng, dintho tse makatsang, tse sa balweng.
11Bona, o tla ho nna, mme ha ke o bone; o feta pela ka, mme ha ke o lemohe. 12Bona, o ntshwere: o ka thibelwa ke mang? Ke mang ya tla re ho wona: O etsang? 13Modimo ha o kgutlise kgalefo ya wona. Ha esita dikgakeletso tsa lefatshe di imelwa tlasa wona, 14nna ke mang hore ke o fetole? Ke kgethe jwang ditaba tse nepehileng tsa ho o arabela? 15Le hojane ke lokile, nke ke ka araba; nka ithapella mohau wa moahlodi wa ka feela. 16Le hoja o ka araba mohoo wa ka, nka sitwa ho dumela hore o ka utlwa lentswe la ka; 17wona o ntubang ka sefefo, o atisang maqeba a ka feelafeela! 18Ha o mphe sebaka sa ho ntsha letshwea, hobane o nkgorisa tse babang. 19Ha nka ipiletsa matleng, o re: Ke nna ya matla; kapa ho lokeng, o re: Ke mang ya tlang ho mpiletsa nyeweng? 20Leha ekaba taba ya ka e lokile, molomo wa ka o tshwanela ho ntswa; ha ekaba ha ke na molato, o tla mpona ke le molotsana. 21Ho ba le molato, ha ke na wona; ha ke itlhokomele; bophelo ba ka ha ke re letho ka bona. 22Ho na le taba e le nngwe feela eo ke e tiisang, ke re: O senya ya se nang molato le ya nang le molato. 23Hoja lerumo le ka hla la bolaya hang! Empa o tsheha bohloko ba ya se nang molato. 24Lefatshe le neelwa matsohong a ba babe; o sirela mahlo a baahlodi ba lona. Haese wona o etsang hoo, hleka e ka ba mang na?
25Matsatsi a ka a ikela kapele ho fetisa ya lebelo; a baleha a eso ho bone leseho: 26a tata jwaloka dikepana tsa lehlaka, jwaloka ntsu e hlwibilang phoofotswana ya yona. 27Ha ke re, ke tla lebala bodumadumo ba ka, ke lese ho sosobana, ke ele sefahleho; 28eba ke tshoswa ke mahloko a ka kaofela, ke ntse ke tseba hoba o ke ke wa mpea ya se nang molato. 29Erekaha ke le molato, ke sa ikgathalletsang lefeela? 30Leha nka itlhatswa metsing a lehlwa, kapa ka hlapa matsoho metsing a melora, 31leha ho le jwalo o ntshobunya diretseng, mme nka tenwa le ke dikobo tsa ka. 32Hobane hase motho ya jwaloka nna hore ke fetolane le wona, mme re isane kahlolong le wona. 33Ha ho monamodi hara rona, ya ka re namolelang ka letsoho la hae. 34O ke o tlose thupa ya wona ho nna, mme matsoso a wona a lese ho nthotofatsa. 35Eba ke moo ke neng ke tla bua, ke sa o tshabe; hobane ha ke le jwalo, haesale nna.

Currently Selected:

JOBO 9: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in