YouVersion Logo
Search Icon

JOBO 8

8
Phetolo ya pele ya Bildade.
1Yaba Bildade wa Shua o bua, a re: 2Taba tse jwaloka tseo o tla di bua ho isa kae na? Mantswe a molomo wa hao a be jwaloka moya o tsukutlang, ho isa kae na? 3Na Modimo o ka kgopamisa se lokileng na? Ya matla wohle a ka heletsa ho loka na? 4Erekaha bana ba hao ba mo sitetswe, o ba neetse bokgopo ba bona. 5Empa ha o ka batla Modimo, wa ithapella mohau ho Ya matla wohle, 6ha o hlwekile, o lokile, kannete o tla o ela hloko, a hlohonolofatse ntlo ya hao e lokileng. 7Mme ha ekaba tseo o neng o di rue pele di bile nyenyane, tsa ho qetella di tla fetisisa haholo.
8Hlo o botsisise meloko ya pele, o lemohe tseo bontata yona ba di fihletseng; 9hobane rona re ba maobane, ha re na tsebo, etswe matsatsi a rona lefatsheng e le moriti feela. 10Ba ka o ruta, ba ka bua le wena, ba ntsha ditaba tse ka dipelong tsa bona:
11Na moseme o ka mela moo mohlaka o leng siyo na? Kapa lehlaka le ka ata moo metsi a leng siyo na? 12Le sa le lekgaba, leha le sa helwe, le ye le pone, dimela tse ding di sa le tala. 13Tsela ya e mong le e mong ya lebalang Modimo e jwalo, tebello ya ya se nang borapedi e a fela; 14tshepo ya hae ke e thetsehang; o itshepisitse ka bolepo ba seokgo; 15o itshetleha ka ntlo ya hae, ha e tiye; o itshwarella ka yona, ha e hlole. 16O ka sefate se tletseng metsi, leha letsatsi le tjhesa, seo makala a sona a namang ho tlola motero wa tshimo; 17metso ya sona e rarana qubung tsa majwe, e kena le mobung o majwe; 18empa ha se ka ntshwa bodulong ba sona, bo tla se latola, bo re: Ha ke a ka ka o bona le ka mohla o le mong! 19Ke hona ho fela ha katleho ya sona, mme mobung wona oo ho tla mela tse ding.
20Bona, Modimo ha o kgese ya se nang molato, empa o ke ke wa sireletsa baetsadibe. 21O sa tla tlatsa molomo wa hao ka ditsheho, le melomo ya hao ka thabo. 22Ba o hloileng ba tla apeswa dihlong, mme tente ya ba babe e tla lesa ho ba teng.

Currently Selected:

JOBO 8: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in