YouVersion Logo
Search Icon

JOBO 7

7
1Bophelo ba motho lefatsheng ke ntwa; matsatsi a hae a jwaloka matsatsi a motho ya thotsweng. 2Jwaloka mofo ha a sisetsa moriti pelo, jwaloka ya ruilweng ha a lebeletse moputso wa hae, 3ke wetswe jwalo ke dikgwedi tsa ho kganwetswa, mme masiu a mokgathala a beilwe kabelo ya ka. 4Ha ke robala, ke re: Ke tla tsoha neng? bosiu bo tla sa neneng na? mme ke kgathala ke ho phethoha ho isa mafube ha a hlaha. 5Nama tsa ka di apesitswe ke diboko le ke makgapa a mobu, letlalo la ka le tswa dipetlane, le boele le tswe boladu. 6Tshiu tsa ka di pomilwe kapele ho fetisa lesika leo molohi a lohang ka lona; di fela ho se tshepo e ntshaletseng.
7 Jehova, ako hopole hobane bophelo ba ka ke pudulo feela! Mahlo a ka ha a sa tla hlola a bona leseho; 8leihlo la ya mponang ha le sa tla mpona; mahlo a hao a tla mpatla, mme ke tla be ke le siyo! 9Maru a qhalane, a iketse; ho jwalo le ya theohelang nqalong ya bafu: ha a na ho kgutla teng; 10ha a sa na ho boela ka tlung ya hae, mme setsha sa hae ha se sa mo tseba. 11Ha ho le jwalo, nke ke ka thiba molomo wa ka, empa ke tla bolela masisapelo a ka, ke dumadume ho babeng ha moya wa ka.
12Na ke lewatle, kapa, a ke drakone, ha o beile balebedi ho ntebela na? 13Ha ke re: Phate tsa ka di tla mphomotsa, ditao tsa ka di tla kokobetsa bohloko ba ka; 14eba ke moo o ntshosang ka ditoro, o nthothometsang ka dipono; 15ke moo pelo ya ka e kgethileng ho kgangwa le ho shwa, ho fetisa ha ke boloka masapo a ka. 16Ke tennwe ke bophelo, ha ke rate ho nna ke phela. Ntlohele, hobane matsatsi a ka ke pudulo feela.
17Motho keng, hore o mo hlomphe, le hore o mo hlokomele; 18o be o mo etele ka hosasa ho hong le ho hong, mme o mo lekole ka dinako tsohle? 19O tla lesa neng ho ntjamela ka mahlo a hao, o be o mphe sebaka sa ho metsa mathe na? 20Ha ekaba ke entse sebe, ke o entse eng, Molemohi wa batho? O mpeile keng seo o betsang metsu ya hao ho sona, ke be ke fetohe phahlo feela? 21Ha o ntshwarele tshito ya ka keng, wa tlosa bokgopo ba ka na? Hobane ke se ke ya robala leroleng; o tla mpatla, mme ke tla ba siyo.

Currently Selected:

JOBO 7: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in