YouVersion Logo
Search Icon

EKSODA 6

6
Jehova o tshepisa Baiseraele hore o tla ba lwela ho Faro.
1Yaba Jehova o re ho Moshe: Jwale, o tla bona seo ke tlang ho se etsa ho Faro; ke ka letsoho la ka le matla a tla se lokolla, mme ke ka letsoho la ka le matla a tla se leleka naheng ya hae.
2Modimo wa bua le Moshe, wa re ho yena: Ke nna Jehova. 3Ka na ka iponahatsa ho Abrahama, le ho Isaaka, le ho Jakobo, ke le Modimo o matla wohle, empa ke ne ke sa tsejwe ke bona ka lebitso la ka la Jehova. 4Hape, ka na ka tiisa selekane sa ka le bona ho ba nea lefatshe la Kanana, lefatshe la ho jaka ha bona, leo ba bileng ba ahella ho lona. 5Ke bile ke utlwile ho dumaela ha bana ba Iseraele, kamoo Baegepeta ba ba entseng makgoba kateng, mme ke hopotse selekane sa ka. 6Ka baka lena, e reng ho bana ba Iseraele: Ke nna Jehova, ke tla le jarolla boima ba Baegepeta, ke le lwele ditlamong tsa bona, ke le lopolle ka letsoho le otlolohileng, le ka dikahlolo tse kgolo. 7Ke tla inkela lona le be setjhaba sa ka, ke be Modimo wa lona, mme le tla tseba hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona, ya le jarollang boima ba Baegepeta. 8Ke tla le isa naheng eo ke emisitseng letsoho la ka, ka re, ke tla e nea Abrahama le Isaaka le Jakobo; ke tla le nea yona, e be lefa la lona; ke nna Jehova.
9Moshe a bolela jwalo ho bana ba Iseraele, empa ha ba ka ba mamela Moshe ka baka la bohloko ba pelo le la bokgoba bo thata.
10Jehova a bua le Moshe, a re: 11Eya, o bolelle Faro, morena wa Egepeta, hore a lesele bana ba Iseraele ba tswe naheng ya hae. 12Moshe a bua pela Jehova, a re: Bona, bana ba Iseraele ha ba ka ba nkutlwa, mme Faro a ka nkutlwa jwang, nna ke leng motho ya molomo o thata?
13Jehova a bua le Moshe le Aarone, a ba nea molaetsa ho bana ba Iseraele le ho Faro, morena wa Egepeta, ho ntsha bana ba Iseraele lefatsheng la Egepeta.
Leloko la Moshe le la Aarone.
14Dihlooho tsa matlo a bontata bona ke tsena:
Bara ba Rubene, letsibolo la Iseraele: Henoke, Pallu, Hetsrone le Karmi. Mefuta ya Rubene ke yona eo.
15Bara ba Simeone: Jemuele, Jamine, Ohade, Jakine, le Tsohare; le Saule, mora wa mosadi wa Mokanana; ke yona mefuta ya Simeone.
16Mabitso a bara ba Levi ka masika a bona ke ana: Gershone, Kehathe le Merari; mme dilemo tsa ho phela ha Levi tsa eba lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng. 17Bara ba Gershone: Libni le Shimei, ka masika a bona. 18Bara ba Kehathe: Amrame, le Jitsehare, Hebrone, le Usiele: mme dilemo tsa ho phela ha Kehathe tsa eba lekgolo le mashome a mararo a metso e meraro. 19Bara ba Merari: Makli le Mushi. Ke yona mefuta ya Balevi ka masika a yona.
20Amrame o ne a nyetse Jokebede, rakgadiae, mme a mo tswalla Aarone le Moshe. Dilemo tsa ho phela ha Amrame tsa eba lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng. 21Bara ba Jitsehare: Kore, Nefege le Sikri. 22Bara ba Usiele: Mishaele, Eltsafane, le Sithri.
23Aarone o ne a nyetse Elisheba, moradi wa Amminadabe, kgaitsedi ya Nashone, mme a mo tswalla Nadabe le Abihu, Eleasare, le Ithamare.
24Bara ba Kore: Assire, le Elkana, le Abiasafe; ke yona meloko ya Bakore.
25Eleasare, mora Aarone, a nyala e mong wa baradi ba Puthiele, mme a mo tswalla Finease.
Ke tsona dihlooho tsa bontata Balevi ka masika a bona.
26Ke bona boAarone le Moshe, bona bao Jehova a itseng ho bona: Ntshang bana ba Iseraele Egepeta ka makgotla a bona. 27Ke bona ba neng ba bue le Faro, morena wa Egepeta, hore bana ba Iseraele ba tswe Egepeta. E, ke bona Moshe le Aarone.
28Mohla Jehova a buang le Moshe naheng ya Egepeta, 29Jehova a bolella Moshe, a re: Ke nna Jehova. Bolella Faro, morena wa Egepeta, tsohle tseo ke o boleletseng tsona. 30Moshe a bua pela Jehova, a re: Ke motho ya molomo o thata; Faro o tla nkutlwa jwang?

Currently Selected:

EKSODA 6: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in