YouVersion Logo
Search Icon

EKSODA 5

5
Moshe le Aarone ba itlhahisa ho Faro. — Mosebetsi wa setjhaba o totiswa ke Faro.
1Hamorao, Moshe le Aarone ba tla ho Faro, ba re ho yena: Ho thwe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Lokolla setjhaba sa ka, se yo nketsetsa mokete lefeelleng. 2Yaba Faro o re: Jehova ke mang hore ke utlwe lentswe la hae, mme ke lokolle Iseraele? Jehova ha ke mo tsebe, le Iseraele nke ke ka mo lokolla. 3Ba re: Modimo wa Baheberu o itlhahisitse ho rona; ako re dumelle, re tsamaele lefeelleng matsatsi a mararo, re ye ho etsetsa Jehova, Modimo wa rona, sehlabelo, esere mohlomong a re wela hodimo ka lefu, leha e le ka lerumo. 4Morena wa Egepeta a re ho bona: Ke ka baka lang, Moshe le Aarone, ha le tlohedisa setjhaba mesebetsi ya sona? Kgutlelang mesebetsing ya lona!
5Faro a ba a re: Batho bana, naheng ena, ba se ba le bangata, mme le ba tlohedisa mesebetsi ya bona. 6Jwale ka lona letsatsi leo, Faro a laela bahlahlobi ba setjhaba la balaedi ba sona, a re: 7Le se ke la hlola le nea setjhaba setroi ho etsa setene, jwaloka pele; a ba mpe ba ye ba ipatlele setroi e le bona. 8Leha ho le jwalo, palo ya setene seo ba neng ba ntse ba se etsa pele, le nne le e batle ho bona, le se ke la e qephisa, hobane ba botswa, ke ka baka leo ba howahowang, ba re: A re yeng re ye ho hlabela Modimo wa rona sehlabelo. 9Mosebetsi a o ke o imele banna bana, mme ba eme ho wona, ba tle ba se ke ba mamela dipolelo tsa leshano.
10Yaba bahlahlobi ba setjhaba le balaedi ba sona ba tswa, ba bolella setjhaba, ba re: Ho thwe ke Faro: Ha ke sa tla le nea setroi. 11Mpang le ye e le lona, le ipatleleng setroi moo le ka se fumanang teng, hobane ha ho qephiswe letho la mosebetsi wa lona oo le o laetsweng. 12Yaba setjhaba se qhalanela naheng yohle ya Egepeta ho bokella ditlhoka bakeng sa setroi. 13Bahlahlobi ba ba potlakisa, ba nna ba re: Phethang mesebetsi ya lona; ho etswe mosebetsi wa tsatsi le leng le le leng, jwaloka setroi ha se sa le teng. 14Ba shapa balaedi ba bana ba Iseraele, ba beilweng hodima bona ke bahlahlobi ba Faro, ba re: Ke ka baka lang ha le sa ka la phetha mosebetsi wa lona wa ho etsa setene maobane le kajeno jwaloka pele?
15Yaba balaedi ba bana ba Iseraele ba ya, ba lla ho Faro, ba re: Ho ya kang, ha o etsetsa bahlanka ba hao jwalo? 16Re le bahlanka ba hao, ha re fuwe setroi, mme ho thwe ho rona: Etsang setene! Re le bahlanka ba hao, re a otlwa, jwaloka hoja batho ba hao ba sebile. 17A re: Le botswa, le botswa! ke ka baka leo le reng: A re yo hlabela Jehova mahlabelo. 18Tsamayang bo! le sebetse, mme ha le ka ke la fuwa setroi, empa le tla nne le phethe palo ya setene.
19Ke moo balaedi ba bana ba Iseraele ba boneng hoba ba dutse bothateng, ha ho thwe: Le se ke la qephisa palo ya setene sa lona sa tsatsi le leng le le leng. 20Ba teana le Moshe le Aarone, ba eme ba ba lebeletse ha ba etswa ho Faro; 21ba re ho bona: Jehova a le tadime, mme a re ahlolele, haele mona le re entse sebodu mahlong a Faro le mahlong a bahlanka ba hae, mme le ba neile lerumo la ho re bolaya.
22Yaba Moshe o kgutlela ho Jehova, a re: Morena, ke ka baka lang ha o entse setjhaba sena hampe? Ke ka baka lang ha o nthomile? 23Hobane haesale ke eya ho Faro, ke bua ka lebitso la hao, o entse setjhaba sena hampe, le ho lwela setjhaba sa hao ha o a se lwela.

Currently Selected:

EKSODA 5: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in