YouVersion Logo
Search Icon

AMOSE 8

8
1Ke ena pono eo Morena Jehova a neng a ntlhahisetse yona. Ka bona seroto se tletseng ditholwana tse butswitseng. 2A re ho nna: O bonang, Amose? Ka re: Ke bona seroto se tletseng ditholwana tse butswitseng. Yaba Jehova o re ho nna: E se e le ho fela ha setjhaba sa ka sa Iseraele, ha ke sa tla hlola ke se tshwarela. 3Dipina tsa ntlo ya borena di tla fetoha dillo ka letsatsi leo, ho itsalo Morena Jehova. Ho tla tlala ditopo; di tla akgelwa hohle, ho ntse ho thotswe.
4Utlwang taba ena, lona le pheheletseng ho metsa mofutsana le ho timetsa bafumanehi lefatsheng; lona le reng: 5Tsatsi la kgwedi e thwasang le tla feta neng, re tle re rekise ka koro? Le Sabatha e tla feta neng, re tle re bule menyako ya mediko ya koro, re tswe re fokotsa tekanyo, re hodisa theko, re fosisa dikala ka ho thetsa? 6Ke moo re tla reka bafumanehi ka tjhelete, le mafutsana ka seeta, re rekise le ka ditlhoka tsa koro. 7Jehova o hlapantse ka kganya ya Jakobo, o re: Nke ke ka ba ka lebala ketso tsa lona tsohle ho isa ka ho sa feleng. 8Ka baka la tseo, na lefatshe le ke ke la sisinyeha, ho swabe bohle ba ahileng ho lona? Na le ke ke la phahama kaofela ha lona, jwaloka noka, la phahama, la ntoo kokobela jwaloka noka ya Egepeta? 9Ka tsatsi leo, ho itswe ke morena Jehova: Ke tla diketsa letsatsi motshehare o moholo lefifi ke le hlahise lefatsheng nyene. 10Ke tla fetola mekete ya lona bofifi, le dipina tsohle tsa lona tsa monyaka ke di fetole tsa mahlomola; ke tla tentsha matheka wohle masela a mahwashe, dihlooho tsohle ke di etse mafatla, dillo tseo ke di etse tse tshwanang le dillo tse etsetswang mora a innotshi, qetello ya tsona e be jwaloka letsatsi le babang.
11Bonang, matsatsi a tla, ho itsalo Morena Jehova, ao ke tla romela ho lapa lefatsheng, e seng ho lapela bohobe leha e le ho nyorelwa metsi; empa e leng ho lapela mantswe a Jehova. 12Ba tla tsamaya ba etswa lewatleng le leng, ba ya ho le leng; ba tla matha ba etswa leboya, ho isa botjhabela, ba ntse ba batla lentswe la Jehova, empa ba ke ke ba le fumana. 13Ka tsatsi leo, barwetsana ba batle le bahlankana ba tla tepella ke ho nyorwa; 14e leng ba hlapanyang ka sebe sa Samaria, ba reng: Ka modimo wa hao, Dane! Kapa: Ka tsela e yang Beerseba! Ba tla wa, ba se ke ba boela ba tsoha.

Currently Selected:

AMOSE 8: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy