YouVersion Logo
Search Icon

AMOSE 7

7
Ho porofetwa tshenyeho ya Iseraele. — Ditshepiso tsa Jehova.
1Ke ena pono eo Morena Jehova a neng a ntlhahisetse yona. Bonang, a hlahisa ditsie, jwang ha bo boela bo hlomela, ke ho re ha jwang bo boela bo hlomela, ha ho se ho hetswe ba morena. 2Eitse ha di qetile ho ja jwang bohle bo bong ba lefatshe, ka re: Oho Morena Jehova, tshwarela hle! Na Jakobo o tla ema jwang, athe o monyenyane? 3Jehova a tela taba eo. E ke ke ya etsahala: ho itsalo Jehova.
4Ke ena pono eo Morena Jehova a neng a ntlhahisetse yona. Bonang, Morena Jehova a bitsa mollo ho kgalemela ka wona; wa qeta bodiba bo boholo, wa qala ho tjhesa le lefa la Jehova. 5Yaba ke re: Morena Jehova, tlohela hle! Jakobo o tla ema jwang, athe o monyenyane? 6Jehova a tela taba eo. E ke ke ya etsahala: ho itsalo Morena Jehova.
7Ke ena pono eo a neng a ntlhahisetse yona. Ka bona Morena Jehova a eme hodima lerako le hahilweng ka ho lekanngwa ka sekitiloto, a tshwere sekitiloto letsohong la hae. 8Morena a re ho nna: O bonang, Amose? Ka re: Ke bona sekitiloto. Yaba Morena o re: Bona, ke tla bea sekitiloto kahara setjhaba sa ka sa Iseraele; ha ke sa tla hlola ke se tshwarela. 9Nqalo tse diphahameng tsa Isaaka di tla senngwa, le nqalo tse kgethehileng tsa Iseraele di fediswe, mme ke tla phahamela ntlo ya Jeroboame ka lerumo.
10Ebile Amatsia, moprista wa Bethele, o romela ho Jeroboame, Morena wa Iseraele, a re: Amose o o fetohetse kahara ntlo ya Iseraele; lefatshe le se le sitwa ho mamella dipolelo tsohle tsa hae; 11hobane Amose o itse: Jeroboame o tla shwa ka lerumo, mme Iseraele o tla iswa kgolehong, a tloswe lefatsheng la hae. 12Mme Amatsia a re ho Amose: Radipono, tloha, o balehele lefatsheng la Juda; o jele bohobe teng, o porofete teng. 13Empa haele Bethele, o se hlole o porofeta teng hobane ke nqalo e kgethehileng ya morena; hape, ke yona ntlo ya borena.
14Empa Amose a araba, a re ho Amatsia: Nna, ha ke moporofeta, leha e le mora moporofeta; empa ke modisa, ke phela ka ho ikgella ditholwana tsa sikomora. 15Empa Jehova o ntshwere ke alositse mohlape, mme Jehova a re ho nna: Eya, o porofete hodima setjhaba sa ka sa Iseraele.
16Jwale, utlwa lentswe la Jehova, wena o reng: O se ke wa porofeta hodima Iseraele, o se ke wa bua hodima ntlo ya Isaaka; 17ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Mosadi wa hao o tla betwa hara motse, bara ba hao le baradi ba hao ba dihuwe ke lerumo; naha ya hao e tla arolwa ka kgwele, wena o tla shwa lefatsheng le ditshila, mme Iseraele o tla iswa kgolehong, a ntshwe lefatsheng la hae.

Currently Selected:

AMOSE 7: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy