YouVersion Logo
Search Icon

DIKETSO 10

10
Molaodi Kornele, moditjhaba wa pele ya sokolohileng ka Petrose. — Moya o Halalelang o newa le bona baditjhaba. — Petrose o ikarabela pela bakreste ba Jerusalema.
1Monna o ne a le teng Sesarea, lebitso la hae e le Kornele, e le molaodi wa lekgolo lekgotleng le bitswang la Italia. 2E ne e le motho wa borapedi, ya tshabang Modimo, yena le ba ntlo ya hae bohle; o ne a thusa haholoholo bafumanehi ba hara setjhaba, mme o ne a sa phetse ho rapela Modimo.
3A bona mohlolo ka hora ya boroba mono o le mong, a bontshisa lengeloi la Morena le etla ho yena, mme la re ho yena: Kornele! 4Yena ha a le tadima, a tshoha, mme a re ho lona: Taba ke efe, Morena? La re ho yena: Merapelo ya hao le dithuso tsa hao di nyolohetse pela Modimo, di tle di hopolwe. 5Jwale, romela banna Jopo, o late Simone e mong, ya reilweng Petrose. 6O fapohetse ha monna ya bitswang Simone, mosuhi, eo ntlo ya hae e leng pela lewatle; ke yena ya tla o bolella seo o tshwanetseng ho se etsa.
7Yare hobane lengeloi le buang le Kornele le tlohe, a bitsa bahlanka ba hae ba le babedi, wa boraro e le mohlabani ya tshabang Modimo, wa ba dulang ho yena. 8Mme a ba phetela ditaba tsohle, a ntoo ba roma Jopo.
9Ka hosasane, yare ha ba sa le tseleng, ba se ba atamela motse, Petrose a nyolohela hodima ntlo ho ya rapela, ha hora e batlile ho ba ya botshelela. 10A lapa, a rata ho ja. Empa ha ba sa ntse ba mo lokisetsa dijo, moya wa hae wa hapjwa. 11A bona lehodimo le phetlilwe, mme ho theohela ho yena ntho e kang lesela le leholo, le tlamilweng dintlheng tse nne, le lepellelang fatshe. 12Le ne le nkile tsohle tsa lefatshe tse maoto a mane, le tse hahabang, le dinonyana tsa lehodimo. 13Yaba lentswe le fihla ho yena, la re: Petrose, ema, o hlabe, o je. 14Empa Petrose a re: Ho se be jwalo, Morena; hobane ha ke eso ho je ntho e ditshila, leha e le e sa hlwekang. 15Lentswe la eketsa la re ho yena la bobedi: Tseo Modimo o di hlwekisitseng, o se ke wa re, di ditshila. 16Hoo ha etswa hararo, lesela la ntoo boela le nyolosetswa lehodimong.
17Petrose a re a sa ntse a nahana hore na mohlolo oo a o boneng o reng, ha fihla banna ba romilweng ke Kornele, ba botsa ntlo ya Simone; yaba ba ema monyako, 18ba bitsa, ba botsa hore na ke moo Simone, ya bitswang Petrose, a fapohetseng teng na? 19Petrose a re a sa ntse a nahana mohlolo oo, Moya wa re ho yena: Banna ke bao ba bararo, ba o batla. 20Hlo o theohe, mme o ye le bona, o sa kganane, hobane ke nna ke ba romileng. 21Yaba Petrose o theohela ho banna ba romilweng ho yena ke Kornele, a re: Ke nna eo le mmatlang; le tlile ka taba efe? 22Ba re: Kornele, molaodi wa lekgolo, monna ya lokileng, ya tshabang Modimo, ya roriswang ke setjhaba kaofela sa Bajuda, o laetswe ke Modimo ka lengeloi le halalelang, ho o biletsa tlung ya hae, a tle a utlwe seo o tla mmolella sona. 23Yaba o ba biletsa ka tlung, a ba amohela teng. Ka hosasane, Petrose a tloha le bona, mme baena ba bang ba Jopo ba ya le yena.
24Yare ka hosasane, ba kena Sesarea. Kornele o ne a ba lebeletse, a bile a bitsitse le bahabo le metswalle ya hae e meholo. 25Yare ha Petrose a kena, Kornele a mo kgahlanyetsa, a itihela maotong a hae, a mo kgumamela. 26Empa Petrose a mo tsosa, a re: Tsoha; le nna ke motho feela. 27A kena le yena, ba ntse ba bua hammoho, mme a fihlela batho ba bangata ba phuthehetse teng. 28A re ho bona: Le a tseba hobane motho wa Mojuda ha a dumellwe ho kopana le moditjhaba, leha e le ho kena ha hae; empa Modimo o nkeleditse hobane ke se ke ka re, motho e mong o ditshila, leha e le ho re, ha a hlweka. 29Ka baka leo, eitse hobane ke bitswe, ke tlile feela ke sa hane; mme jwale, ke le botsa taba eo le mpileditseng yona.
30Yaba Kornele o araba, a re: Ho se ho fetile matsatsi a mane, ka nako e kang yona ena, ke ne ke itima dijo, ke rapela ka tlung ya ka ka hora ya boroba mono o le mong, mme ka bona monna a eme pela ka ka diaparo tse kganyang; 31a re: Kornele, thapelo ya hao e utlwilwe, mme dithuso tsa hao di ile tsa hopolwa ke Modimo. 32Jwale, romela Jopo, o late Simone, ya reilweng Petrose; o fapohetse tlung ya Simone mosuhi, e pela lewatle; etlare hobane a tle, ke yena ya tla bua le wena. 33Ke ka baka leo ke phakisitseng ka romela ho wena; o entse hantle ha o tlile. Jwale, re dutse mona kaofela kapela Modimo, ho utlwa tsohle tseo Modimo o o laetseng tsona.
34Yaba Petrose o ahlamisa molomo, a re: Ke lemoha ka nnete hore Modimo ha o ye ka tshobotsi ya batho. 35Empa hara ditjhaba tsohle, ya o tshabang, le ya etsang ho lokileng, ke yena ya o kgahlisang. 36Haele lentswe leo o le rometseng ho bana ba Iseraele, ha o bolela kgotso ka Jesu Kreste, e leng Morena wa bohle, le a le tseba, 37le tsona ditaba tse hlahileng Judea yohle, tse qadileng Galelea, kamora kolobetso e boletsweng ke Johanne; 38kamoo Modimo o tlotsitseng ka Moya o Halalelang kateng, le ka matla Jesu wa Nasaretha, ya neng a tsamaya hohle, a ntse a etsa hantle, a fodisa bohle ba hataketsweng ke Diabolose; hobane Modimo o ne o ena le yena. 39Rona, re dipaki tsa ditaba tsohle tseo a di entseng naheng ya Bajuda le Jerusalema. Ba mo fanyehile sefateng, ba mmolaya. 40Empa Jesu eo, Modimo o mo tsositse bafung ka letsatsi la boraro, mme o mo hlahisitse pontsheng, 41e seng ho setjhaba kaofela, e le ho dipaki tseo Modimo o di kgethileng pele, e leng rona bao re jeleng, re nweleng le yena, hobane a tsohe bafung. 42O re laetse ho bolella setjhaba, le ho paka hore ke yena ya beilweng ke Modimo ho ahlola ba phelang le ba shweleng. 43Baporofeta bohle ba mmoletse ka taba ya hore, e mong le e mong ya dumelang ho yena, o tla bona tshwarelo ya dibe ka lebitso la hae.
44Yare ha Petrose a sa ntse a bolela taba tseo, Moya o Halalelang wa theohela hodima bohle ba utlwang lentswe. 45Badumedi bao e leng ba lebollo, ba tlileng le Petrose, ba ba ba makala, ha ba bona neo ya Moya o Halalelang e tshollelwa le baditjhaba. 46Hobane ba ne ba ba utlwa ba bua dipuo disele, ba boka Modimo.
47Yaba Petrose o bua, a re: Na ke mang jwale ya ka hanang le metsi, hore bao ba se ke ba kolobetswa, haele mona ba se ba amohetse Moya o Halalelang jwaloka rona na? 48Jwale, a laela hore ba kolobetswe ka lebitso la Morena. Yaba ba mo rapela, ba re, a ke a hlole le bona matsatsi a mang.

Currently Selected:

DIKETSO 10: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in