YouVersion Logo
Search Icon

II BAKORINTHE 11

11
1Hola le ka mamella bowatla ba ka hanyenyane! E, le fele le mmamelle! 2Hobane ke le boulela ka poulelo ya Modimo, ke tswe ke le lebelleditse monna a le mong, ke tle ke le hlahise pela Kreste le le jwaloka morwetsana ya se nang sekodi. 3Empa ke tshohile, esere mohlomong, jwalokaha noha e ne e thetse Eva ka mano a yona, le ya lona mehopolo e ka senyeha, ya timellwa ke nnete e ho Kreste. 4Hobane e mong ha a ka tla, a le bolella Jesu osele, e seng eo re le boleletseng yena, leha le ka amohela Moya osele, e seng oo le o amohetseng, leha e le Evangeli esele, e seng eo le e nkileng taba eo le ka e mamella hantle. 5Empa ke lekanya hoba ha ke a ka ka fetiswa ka letho, leha le le leng, ke baapostola ba fetisang ka boholo. 6Ekare ha ke le sethoto ka puo, ka tsebo ha ke sona; empa re itsebahaditse hara lona ka nqa tsohle le ka ntho tsohle.
7Kapa ke sitilwe ha ke ikokobeditse, le tle le phahamiswe, kahoba ke le boleletse Evangeli ya Modimo feela-feela na? 8Ke hlobodisitse dikereke tse ding, ka nka moputso ho tsona ke tle ke sebeletse lona. 9Mme leha ke ne ke sa le hara lona, ke le tsietsing ya bohloki, ha ke a ka ka kgathatsa motho; hobane baena ba tswang Masedonia ba mpabaletse ka seo ke neng ke se hloka; mme ke itlhokometse hore ke se ke ka le etsetsa boima le ka ntho leha e le nngwe le jwale ke sa tla iponela teng. 10Ke ometse ka nnete ya Kreste, e leng ho nna, hoba nke ke ka amohuwa sebaka seo sa ho ithorisa seo ke nang le sona mafatsheng a Akaea. 11Na ke ka baka lang? Na ke ka hoba ke sa le rate? Ho tseba Modimo! 12Empa seo ke se etsang, ke tla nne ke se etse hore, haele ba batlang sebaka, ke ba hlokise sona, hore ho seo ba ithorisang ka sona, ba fumanwe hoba ba jwaloka rona. 13Hobane batho ba jwalo ke baapostola ba bohata, ke basebetsi ba mano, ba ikgakanya ka sebopeho se kang sa baapostola ba Kreste. 14Mme hase ho ka makatsang, etswe Satane le yena a ikgakanya ka sebopeho se kang sa lengeloi la lesedi. 15Ha ho le jwalo, re ke ke ra makala ha bahlanka ba hae le bona ba ikgakanya ka sebopeho se kang sa bahlanka ba ho loka; empa qetello ya bona e tla lekana le mesebetsi ya bona.
16Ke a pheta, ke re: Motho a se ke a bolela hore ke lewatla; leha ho se jwalo, nkamoheleng, leha ke le lewatla, le nna ke tle ke ithorise hanyenyane. 17Seo ke se bolelang, ha ke lekanya tseo nka ithorisang ka tsona, ha ke se bolele ka mokgwa wa Morena, empa e le jwaloka hoja ke ka bowatla. 18Jwale he, erekaha ba bangata ba ithorisa ka nama, le nna ke tla ithorisa. 19Hobane le ye le mamelle mawatla hantle, lona ba hlalefileng. 20Ekasita leha motho a le tuba, leha motho a le ja, leha motho a le amoha, leha motho a le phahamela, leha motho a le jabela, le ye le mamelle. 21Ke rialo ka dihlong, ho le jwaloka hoja re se na matla le hanyenyane.
Athe leha motho a ka bua a sa tshabise letho, le nna — ke bua ka bowatla — nke ke ka tshabisa letho. 22A ke Baheberu? Le nna ke yena. A ke Baiseraele? Le nna ke yena. A ke ditloholo tsa Abrahama? Le nna ke se seng sa tsona. 23Na ke bahlanka ba Kreste? — ke bua ka bowatla — teng, ke a ba fetisa; ke ba fetisa ka mesebetsi, le ka mabote haholo, le ka diteronko; ke bile lefung hangata; 24ke shapilwe ka phafa ke Bajuda hahlano, ditjhapo tsa eba mashome a mane, ha hlokahala e qetellang; ke shapilwe ka thupa hararo; 25ke tlepeditswe ka majwe hang; ke shwetswe ke sekepe hararo; ke hlotse tsatsi le le leng le bosiu bo le bong bodibeng ba lewatle; 26ke bile maetong hangata; ke batlile ke timella dinokeng, ka batla ke timela hara mashodu, ka batla ke timetswa ke ba setjhaba sa heso, ka batla ke timetswa ke baditjhaba, ka batla ke timella metseng, ka batla ke timella mafeelleng, ka batla ke timella lewatleng, ka batla ke timetswa ke baena ba mahata. 27Ka ba ditsietsing le bothateng, ka hloka boroko hangata, ka lapa, ka nyorwa, ka itima dijo hangata, ka hatsela, ka senyehelwa ke dikobo. 28Leha ho sa balwe ditsietsi tse tswang kantle, ke dikilwe ka matsatsi wohle ke dipelaetso tsa dikereke tsohle. 29Ke mang ya fokolang, nna ke sa fokole? Ke mang ya kgoptjwang, nna ke sa tjhe?
30Ha ho ka thwe, ho ke ho ithoriswe, nna ke tla ithorisa ka tsa ho fokola ha ka! 31Modimo, e leng Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, e leng o bokwang ka ho sa feleng, o a tseba hoba ha ke leshano. 32Enere mohla ke neng ke le Damaseka, mmusisi wa morena Aretase o ne a beile dihlwela motseng wa Badameseka, a rata ho ntshwara. 33Empa ba ntheosa lerakong ka sefensetere, ke le ka serotong, mme ka phonyoha jwalo matsohong a hae.

Currently Selected:

II BAKORINTHE 11: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy