YouVersion Logo
Search Icon

II BAKORINTHE 10

10
Pauluse o ikarabela bakeng sa boapostola ba hae.
1Ke le Pauluse, ke a le kgothatsa ka bonolo le ka mosa wa Kreste, e le nna eo ho thweng ke ikokobetsa ha ke le hara lona, empa ha ke se teng, ke ye ke le etsetse ka matla; 2ke fela ke le rapela, ke re: Mohla ke tlang ho ba teng hara lona, ke se ke ka bona sebaka sa ho etsa ka matla, ka bothata boo ke hopolang hobane ke tla etsa ka bona ho ba bang ba re lekanyang jwaloka hoja re tsamaya ka nama.
3Hobane leha re tsamaya re le nameng, ha re lwane ka nama; 4hobane dibetsa tsa ntwa ya rona hase tsa nama, empa di le matla ka Modimo ho diha diqhobosheane. 5Re diha ka tsona merero le diphahamo tsohle tse phahamelang ho lwantsha tsebo ya Modimo, mme re hapa mehopolo yohle, e tle e utlwe Kreste. 6Mme re itokiseditse ho kgalemela ho se utlwe hohle, mohla kutlo ya lona e phethehang.
7Na le tadima tshobotsi na? Ekare ha e mong a itshepetse hoba ke wa Kreste, a ke a hopole hape hobane, jwalokaha yena e le wa Kreste, le rona re ba Kreste. 8Athe, leha nka eketsa hanyenyane ho ithorisa ka matla a rona, ao re a neilweng ke Morena ho le hahisa, e seng ho le diha, nke ke ka ba le dihlong; 9ho tle ho se ke ha eba jwaloka hoja ke rata ho le tshosa ka mangolo a ka. 10Hobane ba bang ba re: Mangolo a hae wona a boima, a matla, empa sebopeho sa mmele wa hae ke se fokolang, le puo ya hae ke e nyatsehang. 11Ya buang jwalo a ke a hopole hoba seo re leng sona ka dipolelo mangolong a rona, ha re le siyo, re sona le ka diketso, mohla re leng teng.
12Empa re tshaba ho ipala le ho ipapisa le ba bang ba ikemelang; athe ha ba itekanya bona ka bona, mme ba itshwantsha bona ka bona, ha ba etse ka kelello. 13Haele rona, re ke ke ra ithorisa ho tlodisa tekanyo, eo re e lekanyeditsweng; empa e le ka tekanyo ya sebaka seo Modimo o re aroletseng sona, kamoo o re fihlisitseng le ha heno kateng. 14Hobane ha re ikotlolle ka ho fetisa, jwaloka hoja ha re a fihla le ha heno, athe re fihlile le ha heno ka Evangeli ya Kreste. 15Ha re ithorise ka se sa re lekaneng, e leng mesebetsi ya ba bang, empa re tshepile hoba tumelo ya lona, ha e ntse e hola, re tla nama haholo, kamoo re lekanyeditsweng sebaka kateng, 16sa ho bolela ho sona Evangeli ho ditjhaba tse ka pele ho lona, re tle re se ke ra ithorisa ka sebaka se lekanyeditsweng ba bang, moo ba se lokiseditsweng. 17Mme ya ithorisang a ke a ithorisetse Moreneng. 18Hobane ya dumelehang hase ya ikemelang, empa e le ya emelwang ke Morena.

Currently Selected:

II BAKORINTHE 10: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in