1
Baroma 6:23
Baasraak Sotho NT
Hobane moputso wa sebe ke lefu; empa neo ya mohau ya Modimo ke bophelo bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena wa rona.
Compare
Explore Baroma 6:23
2
Baroma 6:14
Hobane sebe se ke ke sa le busa, hobane ha le tlasa molao, empa le le tlasa mohau.
Explore Baroma 6:14
3
Baroma 6:4
Ka baka leo, re patilwe le yena ka kolobetso ho kena lefung, hore jwalokaha Kreste a tsositswe bafung ka kganya ya Ntate, le rona re tle re tsamaye bophelong bo botjha.
Explore Baroma 6:4
4
Baroma 6:13
Le se ke la nehelana ka ditho tsa lona sebeng, hore e be disebediswa tsa bokgopo
Explore Baroma 6:13
5
Baroma 6:6
Hobane re ntse re tseba hobane botho ba rona ba kgale bo thakgisitswe le yena, hore mmele wa sebe o tle o timetswe, re tle re se ke ra hlola re sebeletsa sebe.
Explore Baroma 6:6
6
Baroma 6:11
Ka mokgwa o jwalo le lona, le inka le le ba shweleng ka nqeng ya sebe, empa le phelela Modimo ka Jesu Kreste, Morena wa rona.
Explore Baroma 6:11
7
Baroma 6:1-2
Jwale re tla reng? A re tla nnela ruri mo boleong gore tshegofatso e tle e ate? Modimo a se ke a eba teng. Rona ba shweleng ka nqeng ya sebe, re ka boela ra phela jwang ho sona?
Explore Baroma 6:1-2
8
Baroma 6:16
Na ha le tsebe hoba eo le ineelang yena ho ba bahlanka ba ho mo utlwa, le bahlanka ba eo le mo utlwang; leha e le ba sebe se isang lefung, kapa ba kutlo e isang ho lokeng?
Explore Baroma 6:16
9
Baroma 6:17-18
Empa ho lebohuwe Modimo, kahobane le ne le le bahlanka ba sebe, empa le mametse ka pelo yohle mokgwa wa thuto oo le o neilweng. Erekaha le lokolotswe sebeng, le bile bahlanka ba ho loka.
Explore Baroma 6:17-18
Home
Bible
Plans
Videos