1
Baroma 7:25
Baasraak Sotho NT
Ke leboha Modimo ka Jesu Kreste, Morena wa rona. Ke moo ke sebeletsang molao wa Modimo ka kelello; empa ka nama ke molao wa sebe.
Compare
Explore Baroma 7:25
2
Baroma 7:18
Hobane ke a tseba hoba ho nna, ke ho re, nameng ya ka, ha ho dule ntho e molemo; empa ho etsa se molemo ha ke ho fumane.
Explore Baroma 7:18
3
Baroma 7:19
Hobane molemo oo ke o ratang, ha ke o etse, empa bobe boo ke sa bo rateng, ke bona boo ke bo etsang.
Explore Baroma 7:19
4
Baroma 7:20
Ekare ha ke etsa seo ke sa se rateng, ha e sa le nna ya se etsang, empa e le sebe se ahileng ka ho nna.
Explore Baroma 7:20
5
Baroma 7:21-22
Jwale, ke fumana molao o reng, ha ke rata ho etsa botle, bobe bo teng ho nna. Hobane ke kgahlwa ke molao wa Modimo ka botho ba kahare
Explore Baroma 7:21-22
6
Baroma 7:16
Jwale, ha ke etsa seo ke sa se rateng, ke dumela molao hore o molemo.
Explore Baroma 7:16
Home
Bible
Plans
Videos