1
Baroma 5:8
Baasraak Sotho NT
Empa Modimo o totisitse lerato la wona ho rona, ka hore, re sa le baetsadibe, Kreste o bile a re shoela.
Compare
Explore Baroma 5:8
2
Baroma 5:5
Mme tshepo ha e hlajwe ke dihlong; hobane lerato la Modimo le tshetswe ka dipelong tsa rona ke Moya o Halalelang oo re o neilweng.
Explore Baroma 5:5
3
Baroma 5:3-4
Mme e seng hoo feela, empa re ithorisa le ka ditsietsi; bopelotelele ke boitemogelo; le phihlelo, tšepo
Explore Baroma 5:3-4
4
Baroma 5:1-2
Ka baka leo, kahobane re beilwe ba lokileng ka tumelo, re na le kgotso le Modimo ka Morena wa rona Jesu Kreste; Ke yena eo hape re nang le katamelo ka tumelo mohaung ona oo re emeng ho wona, mme re ithorise ka tshepo ya kganya ya Modimo.
Explore Baroma 5:1-2
5
Baroma 5:6
Hobane ha re ne re se na matla, Kreste ka nako e loketseng a shwela ba kgopo.
Explore Baroma 5:6
6
Baroma 5:9
Ha ho le jwalo, kaha jwale re se re lokile ka madi a hae, re tla pholoswa haholo ka yena kgalefong.
Explore Baroma 5:9
7
Baroma 5:19
Hobane jwalokaha ka ho se mamele ha motho a le mong ba bangata ba entswe baetsadibe, ka mokgwa o jwalo ba bangata ba tla bewa ba lokileng ka kutlo ya motho a le mong.
Explore Baroma 5:19
8
Baroma 5:11
Mme e seng hoo feela, empa hape re thabela Modimo ka Morena wa rona Jesu Kreste, eo jwale re fumaneng pheko ka yena.
Explore Baroma 5:11
Home
Bible
Plans
Videos