1
MAREKA 9:23
Sesotho 1909/1961 (SO)
Jesu a re ho yena: O reng ha o re, ha nka tseba ho thusa? Dumela: tsohle di ka etsetswa ya dumelang.
Compare
Explore MAREKA 9:23
2
MAREKA 9:24
Yaba ntata ngwana o phakisa a phahamisa lentswe ka meokgo, a re: Ke a dumela, Morena! nthuse ho se dumeleng ha ka.
Explore MAREKA 9:24
3
MAREKA 9:28-29
Yare ha Jesu a kene tlung, barutuwa ba hae ba mmotsa ba nnotshi, ba re: Rona ha re a ka ra tseba keng ho leleka motemona eo? A re ho bona: Mofuta oo ha o tswe, haese ka thapelo le ka ho itima dijo.
Explore MAREKA 9:28-29
4
MAREKA 9:50
Letswai le molemo; empa letswai ha le tapa, le ka le noka kang? Le be le letswai ka ho lona, mme le ahisane ka kgotso.
Explore MAREKA 9:50
5
MAREKA 9:37
E mong le e mong ya amohelang e mong wa bana ba jwalo, ka lebitso la ka, o amohela nna; mme e mong le e mong ya nkamohelang, ha a amohele nna, empa o amohela ya nthomileng.
Explore MAREKA 9:37
6
MAREKA 9:41
E mong le e mong ya le nosang mohope wa metsi ka lebitso la ka, kahobane le le ba Kreste, kannete ke re ho lona: Ha a ka ke a timellwa ke moputso wa hae.
Explore MAREKA 9:41
7
MAREKA 9:42
Haele ya ka kgopisang e mong wa ba banyenyane bana ba dumetseng ho nna, ho ka bang molemo ho yena ke ho tlamellwa lelwala le leholo molaleng, a lahlelwe lewatleng.
Explore MAREKA 9:42
8
MAREKA 9:47
Leihlo la hao ha le o dihela, o le honye; ho ka bang molemo ho wena ke ha o kena mmusong wa Modimo o le moihlwe, e seng ho lahlelwa mollong wa dihele o ena le mahlo a mabedi
Explore MAREKA 9:47
Home
Bible
Plans
Videos