1
MAREKA 8:35
Sesotho 1909/1961 (SO)
Hobane ya ratang ho boloka bophelo ba hae, o tla timellwa ke bona; empa ya timellwang ke bophelo ba hae, ka baka la ka le la Evangeli, o tla bo boloka.
Compare
Explore MAREKA 8:35
2
MAREKA 8:36
Hobane motho leha a ka rua lefatshe lohle, mme a timellwa ke moya wa hae, etlaba o ruileng ka lona na?
Explore MAREKA 8:36
3
MAREKA 8:34
Yare hobane a biletse bongata le barutuwa ba hae ho yena, a re ho bona: Motho, leha e ka ba mang le mang, ya ratang ho ntatela, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae, mme a ntshale morao.
Explore MAREKA 8:34
4
MAREKA 8:37-38
Kapa motho moya wa hae o tla o reka kang? Hobane ya hlajwang ke dihlong ka nna le ka ditaba tsa mohla a tlang ka kganya ka, pela moloko wona o mofebi, o moetsadibe, le yena Mora motho o tla mo hlabelwa ke dihlong, mohla a tlang ka kganya ya Ntatae hammoho le mangeloi a halalelang.
Explore MAREKA 8:37-38
5
MAREKA 8:29
Yaba o re ho bona: Hleka lona le re ke mang? Petrose a araba, a re ho yena: O Kreste.
Explore MAREKA 8:29
Home
Bible
Plans
Videos