1
MAREKA 10:45
Sesotho 1909/1961 (SO)
hobane le yena Mora motho ha a ka a tlela ho sebeletswa, empa e le ho sebeletsa, le ho neela bophelo ba hae ho ba topollo ya ba bangata.
Compare
Explore MAREKA 10:45
2
MAREKA 10:27
Jesu a ba shadima, a re: Ke ntho e sitang batho, empa ha e site Modimo; hobane Modimo tsohle o ka di etsa.
Explore MAREKA 10:27
3
MAREKA 10:52
Jesu a re ho sona: Eya, tumelo ya hao e o pholositse. Sa bona hang, sa ba sa latela Jesu tseleng.
Explore MAREKA 10:52
4
MAREKA 10:9
Ka baka leo, seo Modimo o se kopantseng hammoho, se se ke sa arolwa ke motho.
Explore MAREKA 10:9
5
MAREKA 10:21
Jesu ha a mo shadima, a mo rata, mme a re ho yena: O hloka ntho e le nngwe: Tsamaya, o rekise ka tsohle tseo o nang le tsona, o di fe bafumanehi, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; o ntano tla, o ntatele o ipelesitse sefapano.
Explore MAREKA 10:21
6
MAREKA 10:51
Jesu a bua, a re ho sona: O rata ha ke o etsetsang? Sefofu sa re ho yena: Rabboni, a nke ke boele ke bone.
Explore MAREKA 10:51
7
MAREKA 10:43
Ho se ke ha eba jwalo ho lona; empa ya ratang ho ba moholo hara lona, e tla ba mohlanka wa lona
Explore MAREKA 10:43
8
MAREKA 10:15
Kannete ke re ho lona: E mong le e mong ya sa amoheleng mmuso wa Modimo jwaloka ngwana, a ke ke a kena teng.
Explore MAREKA 10:15
9
MAREKA 10:31
Empa ba bangata ba pele e tla ba ba morao, mme ba morao e tla ba ba pele.
Explore MAREKA 10:31
10
MAREKA 10:6-8
Empa tshimolohong ya hlolo ya dintho tsohle, Modimo o ba entse e le e motona le e motshehadi. Ka baka leo, motho o tla tlohela ntatae le mmae, a kgomarele mosadi wa hae; ba babedi e tla ba nama e le nngwe. Ha ho le jwalo, ha ba sa le babedi, e se e le nama e le nngwe.
Explore MAREKA 10:6-8
Home
Bible
Plans
Videos