Petrose a re: Ananiase, ke ka baka lang Satane a tlatsitse pelo ya hao ho thetsa Moya o Halalelang, le ho itshiela karolo ya theko ya tshimo?
Ha e sa ntse e le teng, na e ne e se ya hao na? le hoba e rekiswe, na e ne e se matleng a hao na? Ke ka baka lang o hopotseng taba e ka pelong ya hao? ha o a etsa leshano ho batho, empa o etseditse Modimo.
Ha Ananiase a utlwa dipolelo tseo, a wela fatshe, a neela moya; mme tshabo e kgolo ya wela bohle ba utlwang taba tseo.