Diketso 5:3-5

Diketso 5:3-5 SOTHONT

Petrose a re: Ananiase, ke ka baka lang Satane a tlatsitse pelo ya hao ho thetsa Moya o Halalelang, le ho itshiela karolo ya theko ya tshimo? Ha e sa ntse e le teng, na e ne e se ya hao na? le hoba e rekiswe, na e ne e se matleng a hao na? Ke ka baka lang o hopotseng taba e ka pelong ya hao? ha o a etsa leshano ho batho, empa o etseditse Modimo. Ha Ananiase a utlwa dipolelo tseo, a wela fatshe, a neela moya; mme tshabo e kgolo ya wela bohle ba utlwang taba tseo.